Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 20:5 - BIBELE

5 Ba neng ba tshepile Kushe, mme ba ithorisa ka Egepeta ba tla tshaba, ba hlajwe ke dihlong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ba tla tshoha, ba swabe ka baka la Ethiopia eo ba mo tshepileng, le ka baka la Egepeta eo ba ithorisang ka yena.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 20:5
17 Referencias Cruzadas  

Bona mona, o tshepile Egepeta, e leng lere la lehlaka le peperaneng, le hlabang seatla sa motho ya itshetlehang ka lona. Faro, kgosi ya Egepeta, o jwalo ho bohle ba mo tshepileng.


Kgaotsa ho tshepa motho, motho ya phefumolohang feela. Hona motho e ne e le eng?


Tshireletso ya Faro e tla le hlabisa dihlong, ho tshabela moriting wa Egepeta e be ho tlontloloha.


bohle ba tla hlabiswa dihlong ke tjhaba seo, hoba tjhaba seo ha se ba thuse ka letho ha se ba tlisetse thuso, ha se ba etsetse molemo, haese ho ba tlisetsa maswabi le ho tlontloloha.”


a iswa Egepeta, naheng e se nang thuso, kahoo ke e bitsa kganyapa e se nang kotsi.


Ho madimabe ba yang Egepeta ho kopa thuso, ba tshepileng dipere le boiyane ba kariki tsa ntwa, le bapalami ba dipere hobane e le dinatla, empa ba sa natse Ya Halalelang wa Iseraele, ba sa ipiletse ho Morena ho batla thuso.


Bona mona, o tshepile Egepeta, e leng lere la lehlaka le peperaneng, le hlabang seatla sa motho ya itshetlehang ka lona. Faro, kgosi ya Egepeta, o jwalo ho bohle ba mo tshepileng.


Haeba o tshepile hore Egepeta e tla o nea dikariki tsa ntwa le bapalami, ebe o ka tseba ho phekgola molaodi leha a le mong feela wa bahlanka ba eisehang ba monga ka?


Eitse ha kgosi ya Asiria e utlwa hore Tirehaka, kgosi ya Kushe, o a e futuhela, ya boela ya romela maqosa ho Hesekiya, ya re:


Morena o bua tjena: “Ho ke ho rohakehe ya itshepisitseng batho, yena ya tshepileng matla a letsoho la hae, eo pelo ya hae e furaletseng Morena.


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: “Bonang, ke tla otla Amone, e leng modimo wa Tebese, le Faro, le Egepeta le medimo ya yona, le dikgosi tsa yona, le bohle ba tshepileng Faro.


Egepeta e ke ke ya hlola e eba setshehetso sa setjhaba sa Iseraele, empa etlare ha Baiseraele ba e bona, e ba hopotse sebe sa bona sa ho batla thuso ho yona. Kahoo Baiseraele ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo.’ ”


Kushe le Egepeta di ne di e hlomella, di e hlomella, ho se na moedi; Pute le Lebia tsona di e thusetsa.


“Le lona Bakushe le tla timetswa, sabole ya Morena e le bolaye.”


Kahoo ho se be ya ithorisang ka batho. Tsohle ke tsa lona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos