Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 20:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 ka mokgwa o jwalo, morena wa Assiria o tla ya le ba hapilweng ba Egepeta, le ba hapilweng ba Ethiopia, a ye le ba batjha, le maqheku, ba hlobotse, ba sa rwala dieta, le mokokotlo o le feela, e be dihlong ho Baegepeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 ka mokgwa o jwalo kgosi ya Asiria e tla thopa batho ba Egepeta le ba Kushe, bana le maqheku, e ba thope ba hlobotse, ba sa rwala letho maotong, dibono di le kantle, e le ho hlabisa Baegepeta dihlong.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 20:4
18 Referencias Cruzadas  

Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, a ba beola ditedu ka nqa e nngwe, a seha le diaparo tsa bona kalehare ho isa lethekeng, a ba a ba kgutlisa ba le jwalo.


Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, a ba beola, a seha diaparo tsa bona kalehare ho isa lethekeng, mme a ba kgutlisa ba le jwalo.


Naha ya Egepeta ke tla e neha morena ya thata, e buswe ke morena ya thata: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.


ka baka leo, Morena o tla hlotha mangetse a dihlooho tsa baradi ba Sione, a di etse mafatla, Jehova a apole dihlong tsa bona.


Athe le yena o bohlale, ke kahoo a tlisang mahlomola, mme ha a kgutlise mantswe a hae; ntlo ya ba etsang hampe o tla e tsohela matla, le bona ba thusanang le ba sebetsang bokgopo.


Moegepeta ke motho, e seng modimo; dipere tsa hae ke nama, e seng moya. Etlare ha Jehova a otlolla letsoho la hae, mothusi o tla kgoptjwa, le ya thuswang a we, ba fele kaofela hammoho.


Nka lelwala, o sile phofo; tlosa lesira la hao, o tswakeletse diaparo tsa hao; rola dieta, o tshele dinoka.


O tla tsodiswa, dihlong tsa hao di bonahale; ke tla iphetetsa, mme nke ke ka qenehela motho.


Ha o ka ipolella pelong ya hao, wa re: Na ntho tseo di hlile tsa ntlhahela keng? Ke ka baka la bokgopo ba hao bo boholo o honeletswang mose wa hao, mme direthe tsa hao di phumuhileng habohloko.


Mme nna ke tla o honeletsa mose ho fihlela sefahlehong sa hao, ho tle ho bonwe ponopono ya hao.


O iketsetse dithoto tsa ho ya kgolehong, moahi, moradi wa Egepeta, hobane Nofe o tla etswa lefeella, a fetohe dithako, a be a hloke moahi.


Ke tla ba neela matleng a ba batlang bophelo ba bona, le matleng a Nebukadresare, morena wa Babilona, le matleng a bahlanka ba hae; empa hamorao, Egepeta o tla boela a ahuwe jwaloka mehleng ya kgale, ho bolela Jehova.


Haele Takpanese, motshehare o tla fetoha lefifi, mohla ke robang joko ya Egepeta teng, mme boikgohomoso ba teng bo matla bo felang. Leru le letsho le tla apesa motse oo, mme barwetsana ba teng ba tla ya kgolehong.


Ha ke re, ho nna le jwaloka bana ba Kushe, lona bara ba Iseraele? ho bolela Jehova. Na ha ke a ka ka ntsha Iseraele lefatsheng la Egepeta, jwalokaha ke ntshitse Bafilesta Kaftore, le Basiria Kire?


Tloha, wena moahi wa Shafire (botle), o hlobotse, o le dihlong! Moahi wa Tsaanane (ho tswa) ha a sa tswa; dillo tsa Bethe-Haetsele (ntlo ya phomolo) di re hlokisa tshepo ya hore kotsi e ka ema moo.


Leha ho le jwalo, le wona o o tlositswe, o ile kgolohong; bana ba wona ba ile ba tlapunngwa dikhutlong tsohle tsa diterata; ba kgabane ba wona ba loalwa ka lotho, le baholo ba wona kaofela ba bofshwa ka mahlaahlela.


Le lona Bakushe, le tla ba ba bolailweng ke lerumo la ka!


ke a o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, o tle o rue; le diaparo tse tsweu, o tle o apare, dihlong tsa bofeela ba hao di tle di se ke tsa bonahala; o ithekele le setlolo sa mahlo, ho a tlotsa ka sona, o tle o bone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos