Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 20:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Yaba Jehova o re: jwalokaha mohlanka wa ka, Esaia, a tsamaile ka dilemo tse tharo a hlobotse, a sa rwala dieta, ho ba pontsho le setshwantsho ho Egepeta le ho Ethiopia,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Yaba Morena o re: “Jwalokaha Esaya, mohlanka wa ka, a ile a tsamaya ka dilemo tse tharo a hlobotse, a sa rwala letho maotong, hoo e le pontsho le sesupo se etsetswang Egepeta le Kushe;

Ver Capítulo Copiar




Isaia 20:3
16 Referencias Cruzadas  

Naha ya Egepeta ke tla e neha morena ya thata, e buswe ke morena ya thata: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.


Teng, a utlwa ho thwe: Tirhaka, morena wa Ethiopia, o tla ho o lwantsha. Ha a utlwa taba eo, a romela manqosa ho Esekiase, a re ho wona: Le bolelle Esekiase, morena wa Juda, le re:


Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, Mohalaledi wa Iseraele, Molopolli wa hao; ke ntshitse Egepeta, hore e be topollo ya hao, ke ntshitse le Ethiopia le Seba bakeng sa hao.


Bonang, ke nna enwa le bana bao Jehova a nneileng bona, hore re be dipontsho le ditshwantsho Iseraeleng, ka taelo ya Jehova wa makgotla, ya ahileng thabeng ya Sione.


Ka bolellwa ke Jehova, ha thwe: Eya, o ithekele senyepa sa lene, o itlame letheka ka sona, o mpe o se ke wa se ina metsing.


O tla inkela yona lehetleng pela mahlo a bona, o e ntshetse ntle ka shwalane; o ikgurumetse sefahleho, o tle o se ke wa bona lefatshe; hobane ke o beetse ntlo ya Iseraele ka mokgwa wa setshwantsho.


Lerumo le tla tlela Egepeta, Kushe a bidikane ke bohloko, mohla ba bolawang, ba welang fatshe Egepeta, le mohla ho tshwarwang bongata ba batho ba teng, mme metheo ya teng e epollwang.


Jehova o re: Haele ba tshetlamisang Egepeta, ba tla wa, boikgohomoso bo matla ba teng bo kokobetswe; ho tloha Migdole ho isa Siene, batho ba tla wa ka lerumo: ho bolela Morena Jehova.


Haele wena, mora motho, o nke lekote, o le bee pela hao, mme ho lona o tshwantshe motse, e leng Jerusalema;


O ntoo nka lekapa la tshepe, o le etse lerako la tshepe mahareng a hao le motse, o o lebisetse sefahleho sa hao, hore o tle o thibellwe, mme o o thibelle. Hoo e tla ba pontsho ho ntlo ya Iseraele.


Le lona Bakushe, le tla ba ba bolailweng ke lerumo la ka!


Utlwa he, Joshua, moprista e moholo, wena le banabeno ba dutseng pela hao; ruri banna bao ke dipontsho ho setjhaba, hobane ke ya tlisa mohlanka wa ka, Lehlomela!


Jwalokaha le qetile matsatsi a mashome a mane le hlwela naha, ka mokgwa o jwalo le tla jara kotlo ya makgopo a lona ka dilemo tse mashome a mane, selemo se le seng se eme bakeng sa tsatsi le le leng; mme le tla tseba hore na ke ntho e jwang ha le furaletswe ke nna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos