Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 20:3 - BIBELE

3 Yaba Morena o re: “Jwalokaha Esaya, mohlanka wa ka, a ile a tsamaya ka dilemo tse tharo a hlobotse, a sa rwala letho maotong, hoo e le pontsho le sesupo se etsetswang Egepeta le Kushe;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Yaba Jehova o re: jwalokaha mohlanka wa ka, Esaia, a tsamaile ka dilemo tse tharo a hlobotse, a sa rwala dieta, ho ba pontsho le setshwantsho ho Egepeta le ho Ethiopia,

Ver Capítulo Copiar




Isaia 20:3
16 Referencias Cruzadas  

ke tla neelana ka Baegepeta, ba buswe ke kgosi e sehloho,” ho rialo Morena, Morena wa mabotho.


Eitse ha kgosi ya Asiria e utlwa hore Tirehaka, kgosi ya Kushe, o a e futuhela, ya boela ya romela maqosa ho Hesekiya, ya re:


Ke nna Morena Modimo wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, Mopholosi wa hao; ke fana ka Egepeta hore ke o lopolle, ke fana ka Kushe le Seba bakeng sa hao.


Ke nna enwa le bana bao Morena a nneileng bona. Naheng ya Iseraele re dipontsho le ditshupo tse tswang ho Morena wa mabotho, ya ahileng Thabeng ya Sione.


Morena o ile a bua tjena ho nna: “Tsamaya o yo ithekela senyepa se entsweng ka lesela la lene, o itlame ka sona thekeng, empa o se ke wa se hlatswa.”


O jare thoto ya hao mahetleng ba ntse ba o shebile, o tsamaye ha shwalane e tshwara. O ikgurumetse sefahleho, e le hore o se ke wa bona tsela, hobane ke o entse sesupo ho ba ntlo ya Iseraele.”


Egepeta e tla futuhelwa e futuhelwe ka disabole, Kushe yona e aparelwe ke ditlokotsi, ha banna ba ewa mofela naheng ya Egepeta, matlotlo a yona ba a lobela, metheo ya yona ba e fata, ba e heletsa!


“ ‘Morena o bua tjena: “ ‘Ba thusanang le Egepeta ba tla bolawa, mokgetho wa mabotho a yona o ripitlwe; ho tloha Migedole ho ya fihla Sefene, bohle ba tla wa, ba bolawe ka sabole, ho rialo Morena Modimo.


“Wena ngwana motho, nka letlapa o le bee kapele ho wena, o etse setshwantsho sa motse wa Jerusalema hodima lona.


O nke lekgwakgwa la tshepe, o le hlome pakeng tsa hao le motse, o shebe ka ho lona. Etlaba o o etseditse thibella, ebe wena o o thibeletse. Hona e tla ba pontsho ho ba ntlo ya Iseraele.


“Le lona Bakushe le tla timetswa, sabole ya Morena e le bolaye.”


“ ‘Oho, wena Joshua, Moprista e Moholo, wena le balekane ba hao ba dutseng kapele ho wena; lona bohle ba dupang tse molemo, mamelang mona: Ke tla romela mohlanka wa ka, e leng Lekala!


Jwalokaha le ile la hlwela naha ka matsatsi a mashome a mane, le tla jara bokgopo ba lona ka dilemo tse mashome a mane, e leng hore letsatsi ka leng le lekana le selemo. Kahoo le tla tseba hore na ho ntwantsha ke eng.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos