Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 21:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Boporofeta hodima lehwatata la lewatle: O a tla jwaloka sefefo se tsohang ka nqa borwa, o tswa lefeelleng, lefatsheng le tshabehang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Bona ke boporofeta malebana le lehwatata le pela Lewatle: Jwaloka ditsokotsane tse ferellang naheng ya Borwa, ya futuhang o tla hlaha a etswa lehwatateng, a hlahe a etswa naheng, naheng ya matshabeho.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 21:1
21 Referencias Cruzadas  

Sefefo se tswa borwa, mme moya o tswang leboya o tlisa serame.


Boporofeta hodima Babilona, bo senoletsweng Esaia, mora Amotse:


Ke moo ke tla thetherehisa mahodimo, lefatshe le suthe tulong tsa lona ka baka la kgalefo ya Jehova wa makgotla, ka letsatsi la bohale ba hae bo tukang.


Hobane Jehova o tla hauhela Jakobo, o sa tla be a ikgethele Iseraele, a ba ahise lefatsheng la bona; baditjhaba ba tla kopana le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo.


ke tla phahama hodima maru, ke be ke tshwane le Mookamedi ya phahameng!


Ke tla mo etsa letsaba la dihlong, le matsha a ditebetebe, ke mo fiele ka lefielo la tshenyo, ho bolela Jehova wa makgotla.


Boporofeta hodima Damaseka: Bonang, Damaseka o se a tla leswa ho balwa palong ya metse, a fetohe qubu ya dithako.


Theoha, o dule leroleng, wena morwetsana, moradi wa Babilona! Dula fatshe ho se terone, moradi wa Bakalde; hobane ha o sa tla hlola o bitswa ya baballwang, ya phelang menateng.


Metsu ya bona e bohale, diqha tsohle tsa bona di kobilwe, dikgaba tsa ditlhako tsa dipere tsa bona di ka mahakwe, mme maoto a makoloi a bona a fofa jwaloka setsokotsane.


Jehova o re: Bonang, ke ya tsosetsa Babilona le ba ahileng naheng ya Leb-Kamai (Bakalde) moya o senyang.


Lewatle le tlile Babilona, o apesitswe ke ho dumaduma ha maqhubu.


Re hlabisitswe dihlong, hobane re utlwile nyediso; nyatso e apesitse difahleho tsa rona, hobane baditjhaba ba kene dinqalong tse halalelang tsa ntlo ya Jehova.


Eitse ha ke tadima, ka bona moya wa sefefo o tswang leboya, ho le leru le leholo le tswakaneng le mollo, le benyang ka nqa tsohle; bohareng ba lona ho le ntho e kang koporo e hlenneng, kahare ho mollo;


Yena hammoho le setjhaba sa hae, e leng setjhaba se thata hara ditjhaba, ba ya tliswa ho timetsa lefatshe; ba tla tsomola marumo a bona ho lwantsha Egepeta, ba tlatse lefatshe ka ba bolawang.


Baditjhaba, ba thata hare ditjhaba, ba e remile, ba e tlohetse hona teng; mahlomela a yona a wetse dithabeng le dikgutlong tsohle, makala a yona a robehileng a wetse melapong yohle ya lefatshe, ditjhaba tsohle tsa lefatshe di suthile moriting wa yona, di e tlohetse hona teng.


O tla nyoloha, o tle ka mokgwa wa sefefo; o tla tshwana le leru le kgurumetsang lefatshe, e le wena le makgotla wohle a hao, le ditjhaba tse ngata hammoho le wena.


Mehleng ya qetello, morena wa Borwa o tla thulana le yena, mme morena wa Leboya o tla boela a futuhe ho ya mo patela, ka mokoloi, le ka ba kaletsang dipere, le ka dikepe tse ngata; o tla tswela dinaheng, a rwallele, a hohoretse.


Jehova o tla hlaha, a phahame kahodimo ho bona; motsu wa hae o tla hlaha jwaloka lehadima: Morena Jehova o tla letsa terompeta, o tla tsamaya a le difefong tse tswang borwa;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos