Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Hobane ha esitile lentswe le boletsweng ka mangeloi le sa ka la lesa ho tiya, mme ho tlola le ho se utlwe hohle ha ba ha hlahelwa ke moputso o ho lekanang,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Lentswe le boletsweng ke mangeloi le tiile, mme ho le tlola le ho se le mamele ho nnile ha fumana moputso o lokelang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Hobane ekare ha lentswe le builweng ke mangeloi le tiile, mme tlolo e nngwe le e nngwe le ho se mamele hohle ho ile ha fumana moputso o lokileng;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Hobane ekare ha lentswe le builweng ke mangeloi le tiile, mme tlolo e nngwe le e nngwe le ho se mamele hohle ho ile ha fumana moputso o lokileng;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 2:2
29 Referencias Cruzadas  

Makoloi a Modimo a dikete tse mashome a mabedi, dikete le diketekete; morena o mahareng a wona; Sinai o sehalalelong.


Empa nama ha e sa ntse e le menong a bona, e eso ho hlafunwe, kgalefo ya Jehova ya tukela setjhaba, mme Jehova a otla setjhaba ka kotsi e kgolo haholo.


Ba neng ba shwe ke lefu leo, e bile batho ba dikete tse leshome le metso e mene tse makgolo a supileng, kantle ho ba neng ba shwele ka taba ya Kore.


Yaba Jehova o romela setjhaba dinoha tse tjhesang; tsa loma batho, mme ha eshwa batho ba bangata Iseraeleng.


Ba shweleng ke sewa seo ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.


lona ba nkileng molao ka matsoho a mangeloi, mme ha le a ka la o boloka.


Ha ho le jwalo, molao ke wa ho etsang? O beilwe ka baka la ditlolo, ho tle ho be ho fihle leloko leo dipallo di etseditsweng lona, mme o tiisitswe ke mangeloi ka letsoho la mmuelli.


Haele motho ya etsang ka boikgohomoso, ya hanang ho utlwa moprista ya emeng hona teng ho sebeletsa Jehova, Modimo wa hao, kapa moahlodi, motho eo a shwe, mme o tlose bobe Iseraeleng.


Ha ho fumanwa ha eno, motseng o mong wa eo Jehova, Modimo wa hao, a tla o nea yona, monna, kapa mosadi ya etsang bobe pela Jehova, Modimo wa hao, ka ho tlola selekane sa hae;


ntsha monna eo, kapa mosadi eo, ya entseng taba eo e mpe, o mo ise dikgorong tsa hao; mme kapa e leng monna, kapa e leng mosadi, o tle o mo tlepetse ka majwe, a shwe.


Ho rohakwe ya sa tiisetseng dipolelong tsa molao ona ho di etsa! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Thuto ya ka e tla rotha jwaloka pula; dipolelo tsa ka di tla qhitsa jwaloka phoka, di be jwaloka pula e tshesane e kolobisang jwang bo botjha, le jwaloka marothodi a nelang jwang.


Modimo, ha o ne o buile hangata mehleng ya kgale, le ka mekgwa e mengata, le bontata rona ka baporofeta,


Ya neng a nyedisa molao wa Moshe, o ne a bolawa, ho se mohau ka polelo ya dipaki tse pedi, leha di le tharo;


Ka baka leo, le se ke la lahla tshepo ya lona, e nang le moputso o moholo.


a kgolwa hoba sekgobo sa Kreste ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta; hobane o ne a tadimile moputso.


Empa tumelo ha e le siyo, ha ho kamoo Modimo o ka kgahliswang kateng; ya atamelang Modimo e ka kgona a dumele hobane o teng, le hoba ke wona moputsi wa ba o batlang.


Iponeleng, le se ke la nyedisa ya buang le lona; hobane ba nyedisitseng ya neng a bua le bona a le lefatsheng, ha ba sa ka ba phonyoha, haholoholo rona re ka phonyoha jwang ha re furalla ya buang le rona a le mahodimong?


Hape, re na le ditaba tsa boporofeta, tse tiisitsweng ka ho fetisisa, mme le etsa hantle ha le di ela hloko, jwaloka lebone le bonesitseng nqalong e lefifi, ho fihlela meso e ba e hlaha, mme naledi ya hosasa e tjhabela dipelong tsa lona;


Ke rata ho le hopotsa taba eo le seng le e tseba, ke hoba Morena, hobane a lwele setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o fedisitse ba sa kang ba dumela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos