Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 1:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 kamoo re di neilweng kateng, ke ba iponetseng tsona ka sebele esale ho qaleng ha tsona, bao e bileng e leng bahlanka ba lentswe,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 jwalokaha re di neeleditswe ke ba di boneng ka mahlo ho tloha qalong, mme ba fetoha basebeletsi ba lentswe,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Jwalokaha ba re neile bona, bao ho tloha tshimolohong e neng e le dipaki tse boneng ka mahlo, le basebeletsi ba Lentswe;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Jwalokaha ba re neile bona, bao ho tloha tshimolohong e neng e le dipaki tse boneng ka mahlo, le basebeletsi ba Lentswe;

Ver Capítulo Copiar




Luka 1:2
25 Referencias Cruzadas  

Tshimoloho ya Evangeli ya Jesu Kreste, Mora wa Modimo.


Haele bona, ba tloha, ba ya bolela Evangeli kahohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, a tiisa lentswe ka mehlolo o le felehetsang.]


Mojadi ke ya jalang lentswe.


Lona, le dipaki tsa taba tseo.


Le lona le tla paka, hobane le bile le nna haesale le ho qaleng.


Ke mpa ke le boleletse taba tseo, hore nako ya tsona ha e tlile, le tle le hopole hobane ke na be ke le boleletse tsona. Ha ke sa ka ka le bolella tsona esale ho qaleng, ke hobane ke ne ke sa na le lona.


e leng bao e neng ere hobane a utlwiswe bohloko, a ileng a ipontsha bona, a se a phela, ka dipontsho tse ngata tse kgodisang, ba mmona ka matsatsi a mashome a mane, a ntse a bolela tsa mmuso wa Modimo.


Empa le tla fuwa matla mohla Moya o Halalelang o tlang ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ya Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.


Ba bolela lentswe Perge, ba ntoo theohela Attalia.


Eitse hobane ba ye le Frigia le naha ya Galatia, Moya o Halalelang wa ba hanela ho bolela lentswe la Modimo Asia.


Bao ba fetisa ba Thesalonika ka bokgabane, ba amohela lentswe ka tjheseho e kgolo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi wohle, ho tseba hore na ditaba tseo di jwalo ruri na?


Empa tsoha, o eme ka maoto; hobane ke itlhahisitse ho wena, hore ke tle ke o bee mohlanka le paki ya ditaba tseo o di boneng le ya tseo ke tla itsebisa ho wena ka tsona.


Hobane haele rona, ha ho kamoo re ka lesang ho bolela kateng, tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.


Ba neng ba qhalantswe ba ne ba tsamaya ba ntse ba bolela lentswe.


ke tle ke be monemotse wa Jesu Kreste hara baditjhaba, ka ho phetha tsa boprista ba Evangeli ya Modimo, hore kabelo ya baditjhaba e tle e be e natefelang Modimo, e ntse e halaletswe ke Moya o Halalelang.


Ha ho le jwalo, motho ka mong a ke a re tsebe hoba re bahlanka ba Kreste, le diabi tsa diphiri tsa Modimo.


ana re tla phonyoha jwang, ha re sa hlokomele poloko e kalo, e neng e qale ho bolelwa pele ke Morena, ya ntoo tiiswa ho rona ke ba e utlwileng,


Ke kgothatsa baholo ba ho lona, nna ke leng moholo le bona, le paki ya mahlomola a Kreste, le ya nang le kabelo kganyeng e tlang ho senolwa,


Hobane hase ka ho ya ka ditshomo tse entsweng ka mano re le tsebisitseng matla le ho tla ha Jesu Kreste, Morena wa rona; empa e le kahobane re iponetse boholo ba hae ka mahlo a rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos