Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 1:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 le nna, eitse hobane ke botsisise ditaba tsohle ho tloha ho hlaheng ha tsona, ke re, ho a ntshwanela hore ke o ngolle tsona ka lenaneo la tsona, Theofile ya kgabane,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 le nna, hoba ke fuputse ditaba tseo ka hloko ho tloha tshimolohong, ke fumane ho le molemo ho o ngolla tsona ka tlhatlhamano, Theofile ya kgabane,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Le ’na, kaha ke ne ke ithutile lintho tsohle ho tloha qalong, ke bone ho le molemo ho u ngolla ka tatellano, Theofilase ea khabane ea khabane.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Le ’na, kaha ke ne ke ithutile lintho tsohle ho tloha qalong, ke bone ho le molemo ho u ngolla ka tatellano, Theofilase ea khabane ea khabane.

Ver Capítulo Copiar




Luka 1:3
17 Referencias Cruzadas  

Jehova, Modimo wa ka, e kgolo hakakang palo ya mehlolo le ya merero eo o re etseditseng yona! Ha ho ya ka e lokodisang pela hao; leha ke rata ho e bolela le ho e bala, e be e fete palo.


Ke tseo o di entseng, mme kahobane ke ikgutseditse, o hopotse hoba nna ke ya jwaloka wena; ke tla o kgalemela, ke hlanole tsohle mahlong a hao.


ho o ruta dipolelo tsa nnete, o tle o tsebe ho araba ka nnete ho ba o romileng?


Mmoledi o ne a le bohlale. A boela a ruta setjhaba ho hlalefa, a botsisisa, a batlisisa, a lokisa dipuo tsa maele tse ngata.


Erekaha ba bangata ba se ba lekile ho pheta ka hlomahanyo ditaba tse phethahetseng hara rona,


Oho, Theofile, lengolo la pele ke le entse ka ditaba tsohle tseo Jesu a qadileng ho di etsa le ho ruta ka tsona;


Yaba Petrose o qala ho ba phetela ditaba ka ho di hlomahanya, a re:


Ke ahlola ke hona, hore baditjhaba kaofela ba sokolohelang ho Modimo, ba se ke ba kgathatswa,


eitse hobane re dumellane ka pelo e le nngwe, re bone tshwanelo ya ho kgetha banna, le ho ba romela ho lona, ba ena le barutuwa ba rona, Pauluse le Barnabase,


Ho hopotswe ke Moya o Halalelang le ke rona, hore re se ke ra le jarisa boima bo fetisang, haese ba ditaba tsena tse tshwanelang,


Yare ha a hlotse teng matsatsi a mang, a tloha, a etela ka hlomahanyo dinaha tsa Galatia le tsa Frigia, a ntse a tiisa barutuwa kaofela.


Klaude Lisiase, ho Felikse, mmusisi ya kgabane, dumela!


Felikse ya kgabane, re ke ke ra lesa ho hopola kahohle le kamehla ka teboho yohle kamoo re nang le kgotso e kgolo kateng, ka wena, le mahlohonolo a hlahetseng setjhaba sena ka paballo ya hao.


Pauluse a mpa a re: Ha ke hlanye, Festuse ya kgabane, empa ke bolela ditaba tsa nnete le tsa hlalefo.


Haele Apolose, ngwanabo rona, ke mo kgothaditse haholo hore a ke a ye ho lona le banababo rona, empa ha a ka a dumela le hanyenyane ho ya jwale; leha ho le jwalo, o tla tla mohla a nang le sebaka.


Leha ho le jwalo, molomo wa ka, ke re: Ha a ka itulela feela, a ka iketla ka ho fetisisa: mme ke lekanya hoba le nna ke na le Moya wa Modimo.


Ha o beela baena taba tseo, o tla ba mohlanka ya molemo wa Jesu Kreste, ya otlilweng ka dipolelo tsa tumelo le ka thuto e molemo, eo o e latetseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos