BaHebheru 13:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hopolang ba ditlamong, ho be jwaloka hoja le tlamilwe le bona; hopolang ba etswang hampe, etswe le sa le mmeleng le lona. BIBELE Hopolang ba ditlamong, jwaloka hoja le le ditlamong le bona; esita le ba hlekefetswang, hobane le lona le sa phela lefatsheng. Baasraak Sotho NT Hopolang ba ditlamong jwaloka hoja le le ditlamong le bona; le ba hloriswang, jwaloka hoja le sa le mmeleng le lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hopolang ba ditlamong jwaloka hoja le le ditlamong le bona; le ba hloriswang, jwaloka hoja le sa le mmeleng le lona. |
ke na be ke hlobotse, mme la nkapesa; ke na be ke baba, mme le tlile ho mpona; ke na be ke le teronkong, mme la tla ho nna.
ke na be ke le moeti, mme ha le a ka la nkenya tlung ha lona; ke na be ke hlobotse, mme ha le a ka la nkapesa; ke na be ke le pabong, le teronkong, mme ha le a ka la tla mpona.
Mme a laela molaodi wa lekgolo, hore Pauluse a lebelwe, empa e be ka ho mmaballa, ho se ke ha hanelwa motho ho ba habo ho mo sebeletsa, leha e le ho tla ho yena.
Hosasane, ra fihla Sidone, mme Juliuse a etsa Pauluse hantle, a mo dumella ho ya bona metswalle ya hae, hore a baballwe ke yona.
Mme setho se seng ha se utlwa bohloko, ditho tsohle di utlwa bohloko le sona; leha setho se seng se tlotliswa, ditho tsohle di thaba le sona.
Ke le kgothatsa ke hona, nna ke leng moholehuwa ka baka la Morena, ke re: Tsamayang ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le bitsitsweng ka yona,
Nna, Pauluse, ke le dumedisa mona ka letsoho la ka. Hopolang ditlamo tsa ka. Mohau o be le lona. Amen!
Hobane le kile la hlomohela ba ditlamong, mme le dumetse ka thabo ha ntho tsa lona di tlatlapuwa, la itsebela hobane le na le moruo o fetisang, o sa tloheng.
Ba tlepeditswe ka majwe, ba sehlilwe ka disakga, ba lekilwe, ba bolailwe ka bohale ba lerumo, ba phaitse hohle, ba ntse ba apere matlalo a dinku le a dipodi, ba lahlehelwa ke tsohle, ba hloriswa, ba etswa hampe —
Haele ka ho hong, ke re: Bohle le be le kgopolo e le nngwe, le hauhelane, le ratane le baena, le be le mohau, le be le mosa;