Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 13:3 - Baasraak Sotho NT

3 Hopolang ba ditlamong jwaloka hoja le le ditlamong le bona; le ba hloriswang, jwaloka hoja le sa le mmeleng le lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hopolang ba ditlamong, ho be jwaloka hoja le tlamilwe le bona; hopolang ba etswang hampe, etswe le sa le mmeleng le lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Hopolang ba ditlamong, jwaloka hoja le le ditlamong le bona; esita le ba hlekefetswang, hobane le lona le sa phela lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Hopolang ba ditlamong jwaloka hoja le le ditlamong le bona; le ba hloriswang, jwaloka hoja le sa le mmeleng le lona.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 13:3
19 Referencias Cruzadas  

Ke hlobotse, la nkapesa; ke ne ke kula, mme la nketela; ke ne ke le teronkong, mme la tla ho nna.


ke ne ke le moeti, la se ke la nkamohela; ke hlobotse, la se ke la nkapesa; ke kula, ke le teronkong, mme ha le a ka la nketela.


A laela molaodi wa lekgolo hore a lebele Pauluse, mme a be le bolokolohi, mme ho se ke ha hanelwa ba habo ho mo sebeletsa, leha e le ho tla ho yena.


Letsatsing le hlahlamang ra fihla Sidone. Juliase a tšoara Pauluse hantle, a mo lumella hore a ee ho metsoalle ea hae, a e’o ikhalala.


Thabang le ba thabileng, le lle le ba llang.


Mme leha setho se le seng se utlwa bohloko, ditho tsohle di utlwa bohloko le sona; kapa setho se le seng se hlomphuoa, litho tsohle li thaba le sona.


Jwale, nna, motshwaruwa wa Morena, ke le rapela hore le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le biditsweng ka yona.


Tumediso ka letsoho la ka, Pauluse. Hopolang litlamo tsa ka. Mohau o be le lona. Amen. (E ngotsoe ho tloha Roma ho ea ho Bakolose ke Tykikase le Onesimase.)


Hobane le ile la nkutlwela bohloko ditlamong tsa ka, mme la amohela ka thabo ho tlatlapuwa ha thepa ya lona, le ntse le tseba hore le na le maruo a molemo le a sa feleng lehodimong.


Ba tlepetswa ka majwe, ba arolwa, ba lekwa, ba bolawa ka sabole; ba hlokang, ba le mahlomoleng, ba hlokofatswa;


Qetellong, le be le kgopolo e le nngwe kaofela, le utlwelane bohloko, le ratane jwaloka bana ba motho, le be le mohau, le le mosa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos