Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Diketso 27:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hosasane, ra fihla Sidone, mme Juliuse a etsa Pauluse hantle, a mo dumella ho ya bona metswalle ya hae, hore a baballwe ke yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ka le hlahlamang ra fihla Sidone. Juliase a ba mosa ho dumella Paulosi ho ikela ho metswalle ya hae, ho ya hlokomelwa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Letsatsing le hlahlamang ra fihla Sidone. Juliase a tšoara Pauluse hantle, a mo lumella hore a ee ho metsoalle ea hae, a e’o ikhalala.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Letsatsing le hlahlamang ra fihla Sidone. Juliase a tšoara Pauluse hantle, a mo lumella hore a ee ho metsoalle ea hae, a e’o ikhalala.

Ver Capítulo Copiar




Diketso 27:3
12 Referencias Cruzadas  

Kanana a tswala Sidone, mora wa hae wa matsibolo, le Hethe,


Sabulone o tla ahella lebopong la lewatle; o tla ba phihlelong ya dikepe, mme meedi ya hae e tla tshwara ho isa Sidone.


O itse: Ha o sa tla thaba, wena morwetsana ya senyehileng, moradi wa Sidone! Tsoha, o ikele Kittime, o tshelele teng; empa le teng o ke ke wa bona phomolo.


bo dule le hodima Hamathe ya bapileng le yena, le hodima Tire le Sidone, hobane Tire o bohlale haholo.


Ho madimabe wena, Korasine! ho madimabe wena, Bethsaida! hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Tire le Sidone, metse eo e ka be e bakile kgale, ka masela a mahwashe le ka molora.


Heroda o ne a halefetse Batire le Basidone. Empa ba tla ho yena ba le lentswe le le leng, mme yare ha ba itlholetse Blaste, qhoku ya morena, ba kopa kgotso, kahobane naha ya bona e ne e sela ho ya morena.


Mme a laela molaodi wa lekgolo, hore Pauluse a lebelwe, empa e be ka ho mmaballa, ho se ke ha hanelwa motho ho ba habo ho mo sebeletsa, leha e le ho tla ho yena.


Eitse hobane ho laelwe hore re ye Italia ka sekepe, ba neela Pauluse le batlamuwa ba bang ho molaodi e mong wa lekgolo, ya bitswang Juliuse, wa lekgotla la Augusto.


Empa molaodi wa lekgolo, kahobane a ne a rata ho pholosa Pauluse, a ba thibela, mme a laela hore ba tsebang ho hlapa ba itihele pele, ba hlapele fatshe,


Mohla re fihlang Roma, molaodi wa lekholo a neela batlamuwa matsohong a molaodi wa bahlabani; Pauluse yena a leselwa, a dula a nnotshi le mohlabani ya mo lebelang.


le Ebrone, le Rehobe, le Hammone, le Kana, ho isa Sidone e moholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos