Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).
BaFilipi 2:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) eo leha a ne a ema ka sebopeho sa Modimo, a sa kang a lekanya hobane o a utswa ha a iketsa ya lekangang le Modimo; BIBELE Yena, o ne a ena le boleng ba Modimo, mme o ne a sa hopole hore o iphamolela letho ha a re, o lekana le Modimo, Baasraak Sotho NT Eo e neng e le ka sebopeho sa Modimo, a sa kang a lekanya ho lekana le Modimo e le boshodu. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eo e neng e le ka sebopeho sa Modimo, a sa kang a lekanya ho lekana le Modimo e le boshodu. |
Ka baka leo, Morena o tla le fa pontsho, e le yena: Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme o tla mo rea lebitso la Emmanuele (Modimo o na le rona).
E tla haola ka naha ya Juda, e phahame, e tswele kantle, metsi a yona a be a fihle molaleng, e otlolle mapheo a yona, e kwahele bophara bohle ba naha ya hao, Emmanuele.
Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;
Mehleng ya hae, Juda o tla pholoha, Iseraele a ikahele boiketlong, mme ke lona lebitso leo ba tla mmitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rona.
Empa, haele wena, Bethlehema-Efrata, leha o balwa o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla ntswela eo e tla ba morena wa Iseraele, e leng yena ya leng teng esale tshimolohong, esale mehleng e sa qaleng.
Wena lerumo, tsohela modisa wa ka, e leng monna e leng mohaeso, ho bolela Jehova wa makgotla. Otla modisa, dinku di tle di qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka hodima ba banyenyane.
Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme lebitso la hae o tla bitswa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo o na le rona.
Modimo ha o a ka wa bonwa ke motho le ka mohla o le mong; Mora a nnotshi, ya sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng wona.
Bajuda ba mo fetola, ba re: Ha o tlepeletswe mosebetsi o motle, empa ke ka baka la nyefolo, kahobane o re o le motho, o iketsa Modimo.
empa ekare ha ke e etsa, mme le sa dumele ho nna, dumelang mesebetsi, hore le tle le tsebe, mme le dumele hobane Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho yena.
Le utlwile ha ke itse ho lona: Ke a ya, mme ke tla boela ho lona. Hoja le a nthata, le ka be le thabile, ha ke itse: Ke ya ho Ntate; hobane Ntate o moholo ho nna.
Jesu a re ho yena: Ke dutse le lona nako e kalo, mme ha o a ka wa ntseba, Filipi, na? Ya mponeng o bone Ntate, mme o ka rialo jwang, ha o re: Re bontshe Ntate?
Jwale, wena Ntate, o ntlotlise ho wena ka kganya eo ke neng ke ena le yona ho wena, lefatshe le eso ho be teng.
Ka baka leo, Bajuda ba thoothelwa ho mmolaya, ka hore, ha a tlole molao wa Sabatha feela, empa o bile o re, Modimo ke Ntatae ka sebele, mme o iketsa ya lekanang le Modimo.
hore bohle ba hlonephe Mora, jwalokaha ba hlonepha Ntate. Ya sa hlonepheng Mora, ha a hlonephe le Ntate ya mo romileng.
bona bao bontate e leng ba bona, bona bao Kreste a tswileng ho bona ka nama, yena ya leng kahodima dintho tsohle, Modimo o bokwang ka ho sa feleng. Amen!
e leng bao modimo wa lefatshe lena o ba foufaditseng dikelello, ke ho re, ba sa dumelang, ba tle ba se ke ba tjhabelwa ke lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.
Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.
Ho Morena ya se nang ho fela, ya sa shweng, ya sa bonweng, ho Modimo o bohlale o nnotshi, e be letlotlo le kganya ka ho sa feleng! Amen!
Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.
re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ho hlaha ha kganya ya Modimo o moholo, Jesu Kreste, Mmoloki wa rona;
Yena eo e leng lehlasedi la kganya ya wona, le setshwantsho sa boleng ba wona, ya kakatlelang dintho tsohle ka lentswe la matla a hae, eitse hobane a etse hlatsuo ya dibe tsa rona, o ile ho dula ka letsohong le letona la Boholo bo hodimo;
Hape, mohla o tlisang Mora wa wona wa letsibolo lefatsheng, o itse: Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.
Empa haele ka Mora, o itse: Modimo, terone ya hao e tiile ka ho sa feleng, mme lere la mmuso wa hao ke lere la ho loka;
Jesu Kreste e ne e le yena maobane, e sa le yena le kajeno, mme e tla nne e be yena ka ho sa feleng.
A ba a re ho nna: Ho phethehile! Ke nna alfa le omega, qalo le qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nosa feela metsi a sediba sa bophelo.