Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 13:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jesu Kreste e ne e le yena maobane, e sa le yena le kajeno, mme e tla nne e be yena ka ho sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Le kajeno Jesu Kreste e ntse e le yena wa maobane, mme e tla nne e be yena kamehla yohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Jesu Kreste e ne e le yena maobane, le kajeno, le ka ho sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Jesu Kreste e ne e le yena maobane, le kajeno, le ka ho sa feleng.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 13:8
19 Referencias Cruzadas  

Abrahama a hloma difate Beerseba, mme a rapela teng lebitso la Jehova, Modimo wa kamehla yohle.


Empa mohau wa Jehova o hlola o le teng kamehla le mehla ho ba mo tshabang, le ho loka ha hae ho bana ba bana ba bona,


Dithaba di eso ho ka di hlaha, o eso ho bope lefatshe le dintho tsohle, e, ho tloha ho bo sa hlaheng ho isa ho bo sa feleng, esale o le Modimo.


Hobane dilemo tse sekete mahlong a hao di jwaloka tsatsi la maobane, ha le se le fetile, le jwaloka tebelo ya bosiu.


Yaba Modimo o re ho Moshe: Ke nna Ya-leng-teng. Hape wa re: O tla rialo ho bana ba Iseraele, o re: Ya-leng-teng o nthomile ho lona.


Ke mang ya entseng hoo, a ba a ho phetha? Ke ya bitsitseng mefuta ya batho esale ho hlaheng, nna Jehova, ke leng wa pele, mme e tla nne e be nna le mehleng ya qetello.


Ho itswe ke Jehova, Morena wa Iseraele le Molopolli wa hae, Jehova wa makgotla: Ke nna wa pele le wa morao; haese nna, ha ho Modimo.


Hobane, nna Jehova, ha ke a fetoha, ke moo lona, bara ba Jakobo, le sa kang la timela.


Hobane Mora Modimo, Jesu Kreste, ya boletsweng hara lona ke rona, nna le Silfane le Timothea, ha e a ka ya eba e le tjhe, empa e bile e ho yena.


Hobane dipallo tsa Modimo kaofela ha tsona ke e ho yena; ka baka leo, amen le yona e teng ka yena, Modimo o tle o tlotliswe ka rona.


o tla a mena jwaloka kobo, mme a tla fetoha; empa haele wena, e sa le e le wena, mme mengwaha ya hao e ke ke ya eba le bofelo.


Mpho e nngwe le e nngwe e ntle, leha e le neo e nngwe le e nngwe e phethehileng, e tswa hodimo, e theoha ho Ntata masedi, eo ho seng tikatiko ho yena, leha e le seriti sa ho fetoha.


ho Modimo o nnotshi, Mmoloki wa rona, e be kganya, le boholo, le matla, le borena, ka Morena wa rona Jesu Kreste, jwale le kamehleng le mehla! Amen!


Ke nna alfa le omega, wa pele le wa morao. Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o ntoo se romela ho dikereke tse supileng tse Asia, e leng Efese, le Smirna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


Ke le Johanne, ke ngolla dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya neng a le teng, ya tla nne a be teng, le ke Meya e supileng e pela terone ya hae,


Ke nna alfa le omega, qalo le qetello, ho bolela Morena Modimo, ya leng teng, ya neng a le teng, ya tla nne a be teng, ya matla wohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos