Morena a etsetsa mahosana a hae wohle le bahlanka ba hae mokete o moholo, e leng mokete wa Esthere, a fokotsa lekgetho la dinaha, mme a aba dimpho kamoo morena a ka fanang kateng.
Baefese 4:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke ka baka leo ho itsweng: Eitse hobane a nyolohele lehodimong, o isitse kgolehong ba holehilweng ba bangata, mme o neile batho dineo. BIBELE Ke ka baka leo ho thweng: “O ile a nyolohela hodimo, a thopile batshwaruwa; a nea batho dineo.” Baasraak Sotho NT Ke ka baka leo o re: Eitse hobane a nyolohele hodimo, a hapile baholehuwa, a nea batho dineo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke ka baka leo o re: Eitse hobane a nyolohele hodimo, a hapile baholehuwa, a nea batho dineo. |
Morena a etsetsa mahosana a hae wohle le bahlanka ba hae mokete o moholo, e leng mokete wa Esthere, a fokotsa lekgetho la dinaha, mme a aba dimpho kamoo morena a ka fanang kateng.
O nyolohetse phahameng, o isitse batshwaruwa kgolehong, o nkile dineo ho batho le ho bona bakwenehi, hore Jehova Modimo a tle a tsebe ho aha teng.
Ke mang ya nyolohetseng lehodimong, a ba a theoha a etswa teng? Ke mang ya fuparetseng moya letsohong la hae? Ya bokeletseng mawatle kobong ya hae ke ha e le mang? Ke mang ya tiisitseng dipheletso tsa lefatshe? Lebitso la hae ke mang? Ke mang lebitso la mora hae, ha o fela o tseba?
Mme esale yena ya beileng ba bang baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba Evangeli, ba bang badisa le baruti,
Wa hlobodisa le marena le mebuso, wa e pepesa pontsheng ha Jesu a se a o hlotse sefapanong seo.
Ke ha setjhaba sa Jehova se tla theohela dikgorong! Tsoha, tsoha, Debora! Raoha, raoha, o bolele pina! Ema, Barake; isa kgolehong bao o ba hapileng, wena mora Abinoame!
Eitse ha Davida a fihlile Tsiklage, a romela kgapo e nngwe ho baholo ba Juda le ho bahabo, a re: Ke yona kgapiso ya ka ho lona ya tse hapilweng ho dira tsa Jehova.