Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 4:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mme esale yena ya beileng ba bang baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba Evangeli, ba bang badisa le baruti,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ke yena ya ileng “a nea” ba bang ho ba baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba molaetsa o molemo, ba bang badisa, ba bang baruti,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 A nea ba bang hore e be baapostola; mme ba bang, baporofeta; mme ba bang, baevangedi; mme ba bang badisa le baruti;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 A nea ba bang hore e be baapostola; mme ba bang, baporofeta; mme ba bang, baevangedi; mme ba bang badisa le baruti;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 4:11
19 Referencias Cruzadas  

Ka tshiu tse ngata, Baiseraele ha ba ka ba eba le Modimo wa nnete, leha e le moprista ya rutang, leha e le molao;


Ke tla le nea badisa ba nkgahlisang, ba le alose ka tsebo le ka kelello.


mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


Baporofeta le baruti ba bang ba ne ba le teng Antioke, kerekeng ya teng Antioke, e le Barnabase, le Simone, ya reilweng Nigere, le Lusiuse, wa Sirene, le Manahene, ya neng a hodisitswe le Heroda moteterareke, le Saule.


Jwale, lona, hlong le itise, le dise le mohlape kaofela, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo eo o ithuetseng yona ka madi ao e leng a wona ka sebele.


Hosasane, ra tloha, mme ra fihla Sesarea; ra kena tlung ya Filipi, moevangeli, eo e neng e le e mong wa ba supileng, mme ra dula ha hae.


ya abetsweng tshebeletso, a tiye tshebeletsong; ya rutang, a tiye ho ruteng;


Dineo tsona di arohane, empa Moya o mong feela.


le mohaho o theilweng hodima motheo wa baapostola le wa baporofeta, oo Jesu Kreste e leng yena lejwe la ntlha la wona;


Sephiri seo ha se a ka sa senolelwa bana ba batho melokong e fetileng, jwalokaha se tswa senolwa mehleng ena ke Moya ho baapostola ba hae ba halalelang, le ho baporofeta;


Ke ka baka leo ho itsweng: Eitse hobane a nyolohele lehodimong, o isitse kgolehong ba holehilweng ba bangata, mme o neile batho dineo.


Empa haele wena, fadimeha nthong tsohle, o mamelle bohloko, o etse mosebetsi wa mmoledi wa Evangeli, o phethisise tshebetso ya hao.


Hobane ekabeba ke kgale le le baruti, athe le sa ntse le tshwanelwa ke ho rutwa ditaba tsa bonyenyane, tseo taba tsa Modimo di qalwang ka tsona; mme le fetohile batho ba tshwanelwang ke ho fepjwa ka lebese, e seng ka dijo tse tiileng.


Empa, haele lona, baratuwa, hopolang ditaba tse boletsweng pele ke baapostola ba Morena wa rona Jesu Kreste;


Nyakallang ka baka la wona, wena lehodimo, le lona bahalaledi, baapostola, le baporofeta, hobane Modimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka yona!


Lerako la motse le na le metheo e leshome le metso e mmedi eo ho ngodilweng ho yona mabitso a baapostola ba Konyana ba leshome le metso e mmedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos