Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 30:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Eitse ha Davida a fihlile Tsiklage, a romela kgapo e nngwe ho baholo ba Juda le ho bahabo, a re: Ke yona kgapiso ya ka ho lona ya tse hapilweng ho dira tsa Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Ha Davida a fihla Sikelage, a romela kgapo e nngwe ho baholo ba Juda, e leng metswalle ya hae, a re: “Mpho ya lona, ya tse hapilweng ho dira tsa Morena, ke eo.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 30:26
14 Referencias Cruzadas  

Amohela hle nyehelo ya ka e isitsweng ho wena, hobane Modimo o nneile lehlohonolo, mme ke bile ke na le tsohle. A mo phehella jwalo; yaba o a di nka.


Eitse hobane Saule a timele, ha Davida a sa tswa bolaya Baamaleke, Davida a dula Tsiklage tshiu tse pedi.


A kgutlela ho monna wa Modimo, a ena le sehlopha sa hae kaofela, a tla, a ema pela hae, a re: Bona, ke a tseba hobane ha ho Modimo lefatsheng lohle, haese Iseraeleng; jwale ke re, o amohele teboho ya mohlanka wa hao.


Ke moo ba ratang taba e lokileng ya ka ba tla bina ba nyakaletse; ba tla re ka matsatsitsatsi: Jehova o moholo, ya ratang molemo wa mohlanka wa hae!


O nyolohetse phahameng, o isitse batshwaruwa kgolehong, o nkile dineo ho batho le ho bona bakwenehi, hore Jehova Modimo a tle a tsebe ho aha teng.


Empa motho ya kgabane o rera tsa bokgabane o phehella tsa bokgabane.


Ke lekantse ke hona hoba ke tshwanetse ho kgothatsa baena, hore ba ke ba ye ho lona pele, mme ba phethe tokiso ya phano ya lona eo ke e boletseng, ka re, e se e lokile, e tle e be phano ya pelo, e seng ntho e etswang ka bokgonatha.


Ebile Saule o re ho Davida: Bona Merabe, moradi wa ka e moholo, ke tla o nea yena, e be mosadi wa hao; feela, o ipee monna ya matla ho nna, o lwane dintwa tsa Jehova. Athe Saule o ne a re: Letsoho la ka le se ke la eba ho Davida, e mpe e be matsoho a Bafilista a bang ho yena.


Mpho ke ena eo lekgabunyane la hao le tlileng le yona ho monghadi; e ke e newe bahlankana ba tsamayang le monga ka.


O nteballe molato, ke le lekgabunyane la hao. Jehova a etsetse monga ka ntlo e tiileng; hobane ke wena, monghadi, ya lwanang dintwa tsa Jehova, mme bobe ha bo a ka ba fumanwa ho wena le ka mohla o le mong.


Davida a hapa le manku wohle, le makgomo, ba a kganna, ba a bea pele ho mehlape e meng, ba re: Ke yona kgapo ya Davida.


Taba eo ya eba molao le mokgwa Iseraeleng, haesale mohlang oo, le mehleng ya morao, ho fihlela la kajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos