A tloha teng, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele, mme a hloma tente ya hae teng, Bethele a le ka bophirimela, Ai a le ka botjhabela; a hahela Jehova aletare teng, mme a rapela lebitso la Jehova.
Naha e laoletsweng bana ba Josefa, moedi wa yona o ne o tloha Jordane mabapa le Jeriko, ho isa metsing a Jeriko nqa botjhabela le lefeelleng le nyolosetsang thabeng ya Bethele ho tswa Jeriko;
Le metsana yohle e teetseng metse eo hare kahohle ho isa Baalathe-Beere, e leng Rama wa borwa. Ke leo lefa la leloko la bana ba Simeone, ka matlo a bona.
Joshua ha a le Jeriko, a romela banna Ai, e haufi le Beth-Avene, ka nqa botjha-bela ho Bethele, a ba bolella, a re: Eyang le hlwele lefatshe. Banna bao ba ya, ba hlwela Ai.