Amose 7:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa haele Bethele, o se hlole o porofeta teng hobane ke nqalo e kgethehileng ya morena; hape, ke yona ntlo ya borena. BIBELE O se hlole o porofetela mona Bethele, hobane sena ke sehalalelo sa kgosi le tempele ya mmuso.” |
Jeroboame a ntoo hloma mokete ka kgwedi ya boroba meno e le mmedi, ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi, o kang mokete o etswang Juda; mme a hlaba mahlabelo aletareng. A etsa jwalo le Bethele, a hlabela manamane ao a a entseng, mme a bea Bethele baprista ba nqalo tse diphahameng, tse hahilweng ke yena.
Yaba monna e mong wa Modimo o tloha Juda, ka taelo ya Jehova, a tla Bethele, Jeroboame a ntse a eme pela aletare, a tjhesa dibano.
A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla dibe tsohle tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.
ba reng ho diboni: Le se ke la bona! le ho baporofeta: Le se ke la re porofetela nnete, re bolelleng ditaba tse kgahlisang, le re bonele tse thetsang!
O ntse o porofetelang ka lebitso la Jehova, o re: Ntlo ena e tla ba jwaloka Silo, le motse wona o tla senngwa, o be o hloke moahi? Yaba setjhaba kaofela se bokanela Jeremia ka tlung ya Jehova.
Empa le nositse banasari veine; haele baporofeta, le ba laetse, la re: Le se ke la porofeta.
Ka tsatsi leo ke tlang ho kgalemela Iseraele ka baka la makgopo a hae, ke tla kgalemela le dialetare tsa Bethele, mme manaka a aletare a tla robeha, a wele fatshe.
Le se ke la batla Bethele, le se ke la ya Gilgale, le se ke la fetela Beerseba; hobane Gilgale o tla iswa kgolehong, Bethele a etswe lefeela.
Jwale, utlwa lentswe la Jehova, wena o reng: O se ke wa porofeta hodima Iseraele, o se ke wa bua hodima ntlo ya Isaaka;
Nqalo tse diphahameng tsa Isaaka di tla senngwa, le nqalo tse kgethehileng tsa Iseraele di fediswe, mme ke tla phahamela ntlo ya Jeroboame ka lerumo.
a re: Na ha re a ka ra le laela haholoholo, hore le se ke la ruta ka lebitso leo na? Athe, bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ya lona, mme le rata ho tlisa madi a motho eo hodima rona.
Ba mo dumela: eitse hobane ba bitse baapostola, ba ba shapa, ba ba laela hore ba se ke ba boela ba ruta ka lebitso la Jesu; ba ntoo ba lokolla.