Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Empa le nositse banasari veine; haele baporofeta, le ba laetse, la re: Le se ke la porofeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 “Empa bakgethwa le ba nwesitse veine, la ba la hanela baporofeta, la ba hanela ho porofeta.

Ver Capítulo Copiar




Amose 2:12
8 Referencias Cruzadas  

ba reng ho diboni: Le se ke la bona! le ho baporofeta: Le se ke la re porofetela nnete, re bolelleng ditaba tse kgahlisang, le re bonele tse thetsang!


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, bakeng sa batho ba Anathothe, ba tsomang bophelo ba hao, ba reng: O se ke wa nna wa porofeta ka lebitso la Jehova, o tle o se ke wa shwa ka matsoho a rona.


Ka bea dipitsa tse tletseng veine le mehope pela bana ba Rekabe, ka re ho bona: Nwang veine.


Empa haele Bethele, o se hlole o porofeta teng hobane ke nqalo e kgethehileng ya morena; hape, ke yona ntlo ya borena.


Jwale, utlwa lentswe la Jehova, wena o reng: O se ke wa porofeta hodima Iseraele, o se ke wa bua hodima ntlo ya Isaaka;


Baporofeta ba bohata ba ntse ba porofeta, ba re: Le se ke la hlola le porofeta; ba se ke ba nna ba porofeta tse jwalo; dikgalemelo tsa bona ha di fele!


Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Ha monna, kapa mosadi, a ikgethetse ho ineela Jehova ka kano ya bonasari,


o tla itima veine le tse tahang; a se ke a nwa asene e entsweng ka veine, leha e le asene e entsweng ka tse tahang; a se ke a nwa dino tse entsweng ka ditholwana tsa morara, mme a se ke a ja ditholwana tsa morara tse ntjha, leha e le lengangajane la tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos