Lona, le na be le hopotse ho nketsa hampe, kanthe Modimo o rerile molemo, hore o etse se hlahileng kajeno lena, o pholose tjhaba se sengata.
Amose 3:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Terompeta ha e letswa motseng, na batho ha ba tshohe kaofela na? Na tlokotsi e ka hlaha motseng, e sa hlahiswe ke Jehova? BIBELE Ha lenaka le palaola hara motse na setjhaba ha se ke se thothomela? Ha koduwa e wela motse hodimo, na hase Morena ya tlisitseng koduwa eo? |
Lona, le na be le hopotse ho nketsa hampe, kanthe Modimo o rerile molemo, hore o etse se hlahileng kajeno lena, o pholose tjhaba se sengata.
Ha a ntse a bua le bona, e se e le lona lenqosa, le theohelang ka ha hae; le re: Bonang, kotsi ena e tswa ho Jehova: ana ke sa tla lebella eng ho Jehova?
Ke nna ke bopang lesedi, ke hlahisang lefifi, ke etsang kgotso, ke hlahisang tshenyo; ke nna Jehova ya etsang tseo kaofela.
Ya ka beng a sa o tshabe ke mang, Morena wa ditjhaba? Hobane o lokelwa ke ho tshajwa, hobane hara ba hlalefileng kaofela ba ditjhaba le hara mebuso yohle ya tsona ha ho ya jwaloka wena.
Mala a ka! Mala a ka! Jo nna! Mabote a pelo ya ka! Pelo ya ka e a uba, nke ke ka ikgutsetsa, hobane, moya wa ka, o utlwa modumo wa terompeta le mokgosi wa ntwa.
Bolellang Juda, le tsebise Jerusalema, le re: Letsang terompeta lefatsheng, howeletsang, le tlerole, le re: Phuthehang, re kene metseng ya diqhobosheane.
Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.
Bana ba Benjamine, balehang hara Jerusalema, le letse terompeta Tekowa; hlahisang pontsho ya mollo Bethe-Hakkereme, hobane tsietsi e tla ho rona, e hlahile nqa leboya le tshenyo e kgolo.
Letsang phala Gibea, le letse terompeta Rama; hlabang mokgosi Bethe-Avene. Sera se kamora ho wena, Benjamine!
Na nonyana e ka wela lerabeng le fatshe, ho se ntho e e tjhehileng? Na leraba le beilweng fatshe le ka tlolela hodimo le sa tshwase letho?
Hobane pele ho tshiu tseo, moputso wa motho o ne o le siyo, le moputso wa phoofolo o ne o le siyo, mme ho ya yang le ho ya kgutlang ho ne ho se kgotso ka baka la sera; mme ke ne ke nehela batho bohle hore ba lwantshane.
o teletswe lefu ka morero o tiileng wa Modimo, le ka ho itsebela pele ha wona, mme le mo thakgisitse ka matsoho a bakgopo, le mmolaile.
le ho etsa tsohle tseo letsoho la hao le thato ya hao e di laetseng pele hore di etsahale.
Jwale, ka baka la ho tseba botshabeho ba Morena, re qhopheletse batho ho dumela, mme re tsejwa ke Modimo, hape ke tshepile hoba re tsejwa le matswalong a lona.