Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 3:6 - BIBELE

6 Ha lenaka le palaola hara motse na setjhaba ha se ke se thothomela? Ha koduwa e wela motse hodimo, na hase Morena ya tlisitseng koduwa eo?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Terompeta ha e letswa motseng, na batho ha ba tshohe kaofela na? Na tlokotsi e ka hlaha motseng, e sa hlahiswe ke Jehova?

Ver Capítulo Copiar




Amose 3:6
17 Referencias Cruzadas  

Ke nnete, lona le ne le ntheretse bokgopo, empa Modimo o ile a bo fetola molemo, e le hore a tle a etse jwalokaha a entse kajeno, a pholose setjhaba se sengata.


Yare a sa ntsane a bua le bona, ba bona kgosi e se e fihla ho bona, e re: “Bonang, bomadimabe bona re bo tliseditswe ke Morena! Nka hlola ke sa lebella eng ho Morena?”


Ke etsa lesedi, ke etsa lefifi, ke a pholosa ke be ke timetse, nna Morena, tsena tsohle ke a di etsa.


Ke mang ya ke keng a o tshaba, wena Kgosi ya ditjhaba? E hlile ho tshajwa, wena ho a o lokela. Hara banna bohle ba bahlalefi ditjhabeng, banna ba bahlalefi ba mebusong ya bona, ha ho le ya mong ya tshwanang le wena.


“Ke longwa ke mala! Ke longwa ke mala! Botebo ba pelo ya ka bo tletse mahlaba! Pelo ya ka e uba kahare ho nna; nke ke ka kgutsa, hobane ke utlwile modumo wa lenaka le mokgosi wa ntwa.


“Bolelang kahara naha yohle ya Juda, le phatlalletse le Jerusalema, le re: ‘Letsang lenaka kahara naha yohle!’ Hlabang mokgosi, le phuthehe, le re: ‘Kgobokanang, le thee theko! Tshabelang metseng, metseng e sireleditsweng!’


Na ha le ntshabe?” ho rialo Morena. “Ha le thothomele keng ha le le kapele ho nna? Nna ya etseditseng lewatle moedi, ka o etsa ka lehlabathe, moedi o sa tloheng, oo le ke keng la o tlola? Maqhubu a ka tsudubutlana, a ka ke be a o tlosa! A ka kwasa a ratile, a ke ke be a o tlola!


“Bana ba Benjamine, balehang, le tswe Jerusalema! Letsang lenaka le le motseng wa Tekowa! Hlabang mokgosi ka kganare ya mollo, le o hlabe hodima Bete-Kereme! Koduwa le timelo e kgolo di hlaha leboya.


Ha a bona naha e futuhelwa ka sabole, o ye a letse lenaka, a hlabele setjhaba mokgosi.


“Letsang lenaka le le Gibea, le letse terompeta le le Rama; hlabang mokgosi le le Bete-Afene, pele-a-pele wena Benjamine!


Na nonyana e ka tshwaswa ke leraba, la e tshwasa le sa tjhehwa ke motho? Na sefi se ka raha mokgwephetsane, ho se letho le thetsitseng mokgwephetsane?


Ke tsatsi la lenaka ho houtsa, ke tsatsi la mokgosi wa ntwa, ke tsatsi la ho futuhela metse, la ho futuhela marako, marako a tshireletso!


Pele ho nako eo, ho ne ho sa hirwe motho kapa pelesa. Ho ne ho se ya phethang mosebetsi wa hae ka bolokolohi ka baka la ho tshaba dira tsa hae, hobane nna ke ne ke qabantse motho le ngwanabo.


Ke yena ya neetsweng lefu ka thato le tsebo ya Modimo, mme lona le mo thakgisitse ka matsoho a banna ba kgopo, la mmolaya.


ho etsa hore tsohle tseo o di laotseng e sa le pele, ka matla a hao le thato ya hao, di phethahale.


Ka ho tseba hore na ho tshaba Morena ke eng, re leka ho kgodisa batho. Modimo o re tseba ka ho tlala; le teng ke tshepile hore le lona, ka dipelo tsa lona, le ntseba ka ho tlala.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos