Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 3:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Na nonyana e ka wela lerabeng le fatshe, ho se ntho e e tjhehileng? Na leraba le beilweng fatshe le ka tlolela hodimo le sa tshwase letho?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Na nonyana e ka tshwaswa ke leraba, la e tshwasa le sa tjhehwa ke motho? Na sefi se ka raha mokgwephetsane, ho se letho le thetsitseng mokgwephetsane?

Ver Capítulo Copiar




Amose 3:5
6 Referencias Cruzadas  

Baikakasi ba mpatetse mamena le maraba, ba tjheha difi mosikong wa tsela, ba ntjhehetse mamena. (Sela.)


Hobane motho ha a tsebe nako ya hae, jwalokaha a se tsejwe le ke dihlapi tse tshwaswang ke letlowa le di bolayang, le ke dinonyana tse pitlwang difing; bana ba batho ba ye ba tshwaswe jwaloka tsona nakong ya tlokotsi, ha e ba wela ka sehloho.


Jwalokaha nkile ka ba lebela ho epolla, le ho qhaqha, le ho ripitla, le ho senya, le ho ba etsa hampe, le hona ke tla ba lebela ho haha, le ho hloma, ho bolela Jehova.


Ke ka baka leo Jehova a fadimehetseng tsietsi eo, mme a e tlisitse hodima rona, hobane Jehova, Modimo wa rona, o lokile diketsong tsohle tseo a di etsang, empa ha re a ka ra utlwa lentswe la hae.


Na tau e rora morung, ho se seo e ka se harolang? Na tawana e utlwahatsa lentswe la yona lehaheng la yona, e sa tshwara letho na?


Terompeta ha e letswa motseng, na batho ha ba tshohe kaofela na? Na tlokotsi e ka hlaha motseng, e sa hlahiswe ke Jehova?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos