Ke lorile re tlama mangata masimong, mme ka bona mangata a lona a teela ngata ya ka hare, a inama pela yona.
Amose 2:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bonang, ke tla le hatisa, jwaloka koloi e tletseng mangata ha e hatisa lefatshe; BIBELE “Bonang, ke tla le ripitla, ke le pidile sa koloi e qeqeketse haholo. |
Ke lorile re tlama mangata masimong, mme ka bona mangata a lona a teela ngata ya ka hare, a inama pela yona.
Moya wa ka o hloile mekete ya lona ya dikgwedi tse thwasang, le ya diphutheho tse mahlonoko; ke tshwenyo ho nna, ke kgathetse ke ho iphapanya le yona.
Ha o a ka wa nthekela lehlaka le monko o monate ka ditjhelete, ha o a ka wa nkgorisa ka mafura a mahlabelo a hao; empa o nkgathaditse ka dibe tsa hao, o ntshwentse ka makgopo a hao.
Yaba Esaia o re: Utlwang jwale, lona ba ntlo ya Davida: Hleka ke ntho e nyenyane ho lona ho kgathatsa batho, haele moo le kgathatsa le Modimo wa ka na?
Erekaha o sa ka wa hopola ditshiu tsa botjha ba hao, mme o bile manyadi ho nna nthong tseo tsohle, le nna ke tla o jarisa molato wa metsamao ya hao hloohong: ho rialo Morena Jehova; mme ha o sa tla ekeletsa manyala a hao wohle ka ditshila tse ding.
Ba phonyohileng ba lona ba tla nkgopola ba le ditjhabeng tseo e tla beng e le batshwaruwa hara tsona, hobane ke tla roba dipelo tsa bona tsa bofebe tse mphuraletseng, le mahlo a bona a fedileng ditshwantsho tsa bona, ho fihlela ba ba ba itlhoya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng ka manyala wohle a bona.
Le kgathatsa Jehova ka mantswe a lona, mme le re: Re mo kgathatsa kang? ... Ke ha le re: E mong le e mong ya etsang hampe o molemo mahlong a Jehova, mme ke bona bao a kgahlwang ke bona! kapa ha le re: O kae Modimo wa kahlolo?
A tlisa dikabelo tsa wona pela Jehova, e leng makoloi a tsheletseng a ditente, le dipholo tse leshome le metso e mmedi, ke ho re, koloi e le nngwe ka marena a mabedi, pholo e le nngwe ka morena a le mong; a di hlahisa pela tabernakele.