Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 37:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke lorile re tlama mangata masimong, mme ka bona mangata a lona a teela ngata ya ka hare, a inama pela yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Re ne re tlama dihlopha tshimong, mme ka bona sehlopha sa ka se tsoha, se ema tswee! Ka bona dihlopha tsa lona di ema, di se potapota, mme di se kgumamela.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 37:7
12 Referencias Cruzadas  

Ditjhaba di ke di o sebeletse, merabe e iname tlasa hao! O be morena wa banabeno, mme bara ba mmao ba iname pela hao! Ho rohakwe ya o rohakang, mme ho hlohonolofatswe ya o hlohonolofatsang!


A re ho bona: A le keng le mamele toro ena eo ke e lorileng.


Josefa e ne e le yena ya busang naha, ya rekisang ho batho bohle ba naha; yaba banababo Josefa ba tla, ba inamela fatshe ka difahleho pela Josefa.


Yaba Josefa o hopola ditoro tseo a neng a di lorile hodima bona, a re ho bona: Le dihlwela, le tlile ho bona dibaka tsa naha tse leng feela.


Eitse ha Josefa a etla ka tlung, ba mo tlisetsa tlung nyehelo eo ba nang le yona matsohong, mme ba inamela fatshe pela hae.


Ba re: Mohlanka wa hao, ntata rona, o dutse hantle, o sa ntse a pholohile. Ba inama, ba kgumama.


Juda le banababo ba tla tlung ya Josefa, hobane o ne a sa ntse a le teng, mme ba itihela fatshe pela hae.


Yaba Juda o mo atamela, a re: Oho, morena, mohlanka wa hao a ke a bue lentswe le le leng ditsebeng tsa morena wa ka, mme bohale ba hao bo se ke ba tukela mohlanka wa hao, hobane o lekana le Faro.


Morena ka o kile a botsa bahlanka ba hao, a re: A le na le ntata lona, kapa ngwanabo lona na?


Banababo ba itlisa ka sebele, ba itihela pela hae, ba re: Bona, re bafo ba hao.


hore lebitsong la Jesu, mangwele wohle a ba mahodimong, le lefatsheng, le katlase ho lefatshe, a kgumame;


Hape, ke yena hlooho ya mmele, ya kereke, qalo le letsibolo ho bafu, a tle a be le tulo ya pele nthong tsohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos