Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 1:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Moya wa ka o hloile mekete ya lona ya dikgwedi tse thwasang, le ya diphutheho tse mahlonoko; ke tshwenyo ho nna, ke kgathetse ke ho iphapanya le yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Mekete ya lona ya ho thwasa ha kgwedi, le mekete ya lona e kgethehileng, moya wa ka o e hloile, ho nna e fetohile mejaro, ke kgathetse ke ho e sikara.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 1:14
13 Referencias Cruzadas  

le ho hlahisetsa Jehova ditjheso tsohle, mohla Disabatha, le dikgwedi tse thwasang, le mekete, ka palo ya tsona, ka ho ya ka mokgwa wa ntho tseo, ka ho sa feleng pela Modimo.


Ho madimabe wena, Ariele, Ariele, motse oo Davida a neng a hlomile tente ya hae teng! Eketsang selemo ka selemo, le mekete e ye e ntse e hlahlamana.


Ke ntoo tla tsietsa Ariele; motse o tla tlala dillo le mefehelo, mme ho nna e tla ba ntho e kang Ariele (aletare kapa tau ya Modimo).


Ha o a ka wa nthekela lehlaka le monko o monate ka ditjhelete, ha o a ka wa nkgorisa ka mafura a mahlabelo a hao; empa o nkgathaditse ka dibe tsa hao, o ntshwentse ka makgopo a hao.


Hobane nna, Jehova, ke rata ho lokileng, mme ke hloile boshodu le bolotsana; ke tla ba nea meputso ya bona e ba lokelang, ke ba sitse ka selekane se sa feleng.


Ka kgwedi e nngwe le e nngwe ha e roha, le ka Sabatha e nngwe le e nngwe, mefuta yohle ya batho e tla tla kgumama pela ka: ho bolela Jehova.


Yaba Esaia o re: Utlwang jwale, lona ba ntlo ya Davida: Hleka ke ntho e nyenyane ho lona ho kgathatsa batho, haele moo le kgathatsa le Modimo wa ka na?


Ke tla fedisa menyaka ya hae yohle, ke fedise mekete ya hae le mekete ya dikgwedi tse thwasang, le Disabatha tsa hae, le diphutheho tsa hae tse mahlonoko.


Jehova, ba mo entse ka bolotsana, hobane ba tswetse bara ba bonyatsi; jwale, kgwedi e ntjha e tla ba ja hammoho le masimo a bona.


Bonang, ke tla le hatisa, jwaloka koloi e tletseng mangata ha e hatisa lefatshe;


Ke hloile, ke bile ke nyedisa mekete ya lona; ha ke rate le monko wa tse hlajwang diphuthehong tsa lona tse mahlonoko.


Ka timetsa badisa ba bararo ka kgwedi e le nngwe. Empa ka fediswa pelo ke dinku, le tsona meya ya tsona ya tenwa ke nna.


Le kgathatsa Jehova ka mantswe a lona, mme le re: Re mo kgathatsa kang? ... Ke ha le re: E mong le e mong ya etsang hampe o molemo mahlong a Jehova, mme ke bona bao a kgahlwang ke bona! kapa ha le re: O kae Modimo wa kahlolo?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos