Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 1:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Le se ke la hlola le ntlisetsa mahlabelo a lefeela; dibano tsa lona ke manyala ho nna, le mekete ya dikgwedi tse thwasang, le ya Disabatha, le ya dipitso tsa ho phutheha; diphutheho tsa lona tse mahlonoko tse hlokang borapedi di a nkgathatsa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Kgaotsang ho ntlisetsa nyehelo tse se nang thuso; mekubetso ya lona ke manyala ho nna, mekete ya ho thwasa ha kgwedi le ya Disabatha, le phutheho tse halalelang tseo le di memang, tsena ke bokgopo, nke ke ka di mamella.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 1:13
25 Referencias Cruzadas  

Yena a re: O latang ho yena kajeno? Hase kgwedi e ntjha, leha e le Sabatha. A re: Ke kgotso.


le ho hlahisetsa Jehova ditjheso tsohle, mohla Disabatha, le dikgwedi tse thwasang, le mekete, ka palo ya tsona, ka ho ya ka mokgwa wa ntho tseo, ka ho sa feleng pela Modimo.


Ba o kwenehela hangata hakakang lefeelleng! ba nna ba o kgathatsa hakakang nahathothe!


Ka tsatsi la pele, phutheho e kgethehileng e tla ba teng, le ka tsatsi la bosupa ho be le phutheho e kgethehileng hara lona. Ha ho ka ke ha etswa mosebetsi le o mong ka matsatsi ao, haese wa seo batho ba se jang; ke wona feela o ka etswang ke lona.


Sehlabelo sa ba babe se manyala; haholo hakakang ha ba se hlahisa ka morero o sa lokang!


Ke na le mokete wa mahlabelo a teboho hae ha ka; kajeno ke phethile dikano tsa ka.


Ka kgwedi e nngwe le e nngwe ha e roha, le ka Sabatha e nngwe le e nngwe, mefuta yohle ya batho e tla tla kgumama pela ka: ho bolela Jehova.


Ya hlabang kgomo, ho nna ho jwaloka ya bolayang motho; ya etsang sehlabelo ka nku, o jwaloka ya fenethileng ntja; ya hlahisang setjheso, o jwaloka ya hlahisang madi a kolobe; ya tjhesang dibano, o jwaloka ya bokang medimo ya bohata. Erekaha ba ikgethetse ditsela tsa bona, mme meya ya bona e ithatetse manyala a bona,


O rutlolotse motero wa hae jwaloka ha ho etswa serapa; o fedisitse nqalo ya diphutheho tsa hae; Jehova o lebadisitse Sione mekete le Disabatha, a nyedisa marena le baprista ka kgalefo ya hae e tukang.


Ha ho le jwalo, lona ba ntlo ya Iseraele, Morena Jehova o re: Eyang, le sebeletse e mong le e mong ditshwantsho tsa hae; empa hamorao, le tla be le nkutlwe! Le se ke la hlola le hlompholla lebitso la ka le kgethehileng ka dinyehelo tsa lona le ka ditshwantsho tsa lona.


Ke tla fedisa menyaka ya hae yohle, ke fedise mekete ya hae le mekete ya dikgwedi tse thwasang, le Disabatha tsa hae, le diphutheho tsa hae tse mahlonoko.


Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme pitso; bokellang maqheku, le bokelle bohle ba naha tlung ya Jehova, Modimo wa lona, le howeletse ho Jehova.


Letsang terompeta Sione! Kgethang letsatsi la ho itima dijo, le meme pitso, le bokelle setjhaba, le etse phutheho e mahlonoko!


Ke tla senya metse ya lona, ke e etse dithako; ke tla sohlokanya dihalalelo tsa lona, mme ha ke sa tla hlola ke fofonela dibano tsa lona tse monko o monate.


Ke mang hara lona ya tla kwala menyako, hore le se hlole le hotetsa mollo wa aletare ya ka ka lefeela? Ha ke kgahlwe ke lona, ho bolela Jehova wa makgotla, nke ke ka amohela sehlabelo se hlahiswang ke matsoho a lona.


O iketsetse diterompeta tse pedi tsa silefera. O di etse ka silefera e teilweng. Di tla o thusa ho mema phutheho le ho laela makgotla hore a tlohe.


Ba nkgumamella lefeela, ha ba ruta dithuto tseo e leng melao ya batho.


Empa ho madimabe lona, bafarisi, hobane le ntsha karolo ya leshome ya kwena, le ya serue, le ya meroho yohle, mme le feta ho loka le lerato la Modimo! Anthe le ne le tshwanetse ho etsa ntho tsena, le ntse le sa tlohele ho etsa tseno.


Jwale seo ke se bolelang, ke mpang ke sa le boke, ke hoba ha le phutheha, hase ho eketsa molemo, empa e le bobe.


Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo le tshwaetsweng letsatsi la topollo ke wona.


Ba bang ba fela ba etsa jwalo ka mona le ka kgang; empa ba bang ba bolela Kreste ka pelo e kgabane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos