Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 1:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mohla le itlhahisang pela ka, ke mang ya kopileng ho lona hore le tle ho hatakela mabala a ka ka maoto?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ha le tlilo itlhahisa kapele ho nna, ke mang ya le kopileng ho tla hatakela mabala a ka?

Ver Capítulo Copiar




Isaia 1:12
10 Referencias Cruzadas  

Ha o rate mahlabelo, leha e le dinyehelo; ke moo o ntokisitseng ditsebe; ha o kgahliswe ke ditjheso le mahlabelo a sebe.


Hararo ka selemo, ba batona ba hao bohle ba tle ba hlahe pela Morena Jehova.


Ba batona ba lona ba hlahe hararo ka selemo pela Morena Jehova, Modimo wa Iseraele.


Lebela maoto a hao ha o kena ka tlung ya Modimo; ho atamela ho mamela ditaba, ho hotle ho ena le ho hlaba sehlabelo sa mawatla; hobane ha a tsebe hobane a etsa hampe.


Ntlo ena, eo lebitso la ka le bitswang ho yona, na ke lehaha la mashodu mahlong a lona na? Bonang, le nna ke se ke bone, ho bolela Jehova.


Wena motho, o tsebisitswe se leng molemo, le seo Jehova a se batlang ho wena, ke hore o etse se lokileng, o rate bokgabane, le ho tsamaya ka boikokobetso le Modimo wa hao.


Ha le nnile la itima dijo le ho lla ka kgwedi ya bohlano le ya bosupa, ka lemo tseo tse mashome a supileng, hleka le ne le itimela nna na?


Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba tle ba bonwe ke batho; hobane ba rwala meqhaka ya difilaktera tse diphara, mme ba lelefatsa dipodi dikobong tsa bona;


Hararo ka selemo, ba batona bohle ba heno ba tla itlhahisa pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo a tla e kgetha, mohla mokete wa mahobe a sa lomoswang, le mohla mokete wa Diveke, le mohla mokete wa Metlotlwane: ba se ke ba itlhahisa pela Jehova ba le feela;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos