Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 1:12 - BIBELE

12 Ha le tlilo itlhahisa kapele ho nna, ke mang ya le kopileng ho tla hatakela mabala a ka?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mohla le itlhahisang pela ka, ke mang ya kopileng ho lona hore le tle ho hatakela mabala a ka ka maoto?

Ver Capítulo Copiar




Isaia 1:12
10 Referencias Cruzadas  

Morena Modimo wa ka, o re etseditse tse kgolo, e leng mesebetsi ya hao e makatsang, le merero ya hao e makatsang; ha ho ya ka lekanngwang le wena. Ha nka rata ho e bolela le ho e phatlalatsa, e mengata hoo e ke keng ya balwa.


“Hararo ka selemo banna bohle ba heno ba tla hlaha kapele ho Morena Modimo.


“Hararo ka selemo, bohle ba lona ba batona ba tla hlaha kapele ho Morena Morena Modimo wa Iseraele.


Ha o eya ka tlung ya Modimo, hlokomela mehato ya hao. Atamela haufi, o mamele, ho ena le ho ya etsa nyehelo ya mahlabelo jwaloka dithoto tse sa tsebeng hore di etsa sebe.


Na Tempele ee e bitswang ka lebitso la ka, ho lona e fetohile lehaha la dinokwane? Empa hona ke ho bone! ho rialo Morena.


Wena motho, o boleletswe se molemo; ebe Morena o lebeletse eng ho wena? Ke ho etsa tse lokileng, le ho ba le lerato, le ho ikokobeletsa Modimo wa hao.


“Ako botse setjhaba sohle sa naha ena, le baprista, o re: ‘Ha le ne le itima dijo, le bina kodi-ya-malla ka kgwedi ya bohlano le ya bosupa, ka dilemo tse mashome a supileng, na le ne le hlile le itima ka baka la ka?


“Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba bonwe ke batho. Ba habolla mekotlana ya Mangolo a halalelang eo ba e rwetseng, ba lelefatsa ditjellane tsa dikobo tsa bona,


“Hararo ka selemo, bohle ba lona ba batona ba tla hlaha kapele ho Morena Modimo wa lona, sebakeng seo a tla se kgetha. Nakong ya mokete wa bohobe bo sa lomoswang, le nakong ya mokete wa dibeke, le nakong ya mokete wa maphephe, ho se be le ya mong wa lona ya tla hlaha kapele ho Morena a itsolokile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos