Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 1:14 - BIBELE

14 Mekete ya lona ya ho thwasa ha kgwedi, le mekete ya lona e kgethehileng, moya wa ka o e hloile, ho nna e fetohile mejaro, ke kgathetse ke ho e sikara.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Moya wa ka o hloile mekete ya lona ya dikgwedi tse thwasang, le ya diphutheho tse mahlonoko; ke tshwenyo ho nna, ke kgathetse ke ho iphapanya le yona.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 1:14
13 Referencias Cruzadas  

leha ho etsetswa Morena dinyehelo tsohle tsa setjheso ka matsatsi a Sabatha, le ka mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le ka mekete e kgethehileng. Ba ne ba etsa jwalo kapele ho Morena, ho ya ka palo eo ba e beetsweng ka molao.


Ariele! Ariele! O madimabe hakaakang! Wena motse oo Davida a kila emisa ho wona! A dilemo di fete ka ho latelana, le mekete ya hao e nne e hlahlamane.


Ke tla o dihela koduwa hodimo, o be bofifing, o lle sa mmokotsane, o ke aletare e tukang mollo.


Ha o a nthekela hlaka le monko o monate, kapa wa nthabisa ka mafura a mahlabelo a hao. Empa o nkimeditse ka dibe tsa hao, wa ntena ka makgopo a hao.


“Nna Morena, ke rata toka, bolotsana le bokgopo ke di hloile; ke tla tshepahala, ke ba nee moputso wa bona, ke etse selekane sa kamehla yohle le bona.


Morena o re: “Batho bohle ba tla nkgumamela, ba nkgumalele ha kgwedi ka nngwe e thwasa; ba nkgumamele ka Sabatha se seng le se seng.


Yaba Esaya o re: “Mamelang lona ba ntlo ya Davida! Na ha ho a lekana ha le ntse le kgathatsa batho, ha e le moo le ntse le kgathatsa Modimo wa ka?


Ke tla fedisa menyaka yohle ya hae, mekete ya hae ya selemo ka seng, ya ho thwasa ha kgwedi le ya Disabatha, mekete yohle e halalelang ke e fedise.


Ha ba a ka ba tshepahala ho Morena, ba mo tswaletse bana, bana ba dikgaupane. Jwale etlare ha kgwedi e thwasa, ba timetswe le masimo a bona.”


“Bonang, ke tla le ripitla, ke le pidile sa koloi e qeqeketse haholo.


“Mekete ya lona ya borapedi ke e hloile, ke bile ke a e nyonya; le phutheho tsa lona ha ke di thabele.


Ka kgwedi e le nngwe ka bolaya badisa ba bararo, hobane ba ne ba ntenne, ba se ba ntlhoile.


Le kgathaditse Morena ka dipuo tsa lona. Le a mpotsa, le re: “Re mo kgathaditse jwang?” Le mo kgathaditse ha le re: “Bohle ba etsang bokgopo ba lokile mahlong a Morena, mme Morena o a ba thabela;” kapa le re: “O hokae Modimo ya lokileng?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos