Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 1:15 - BIBELE

15 Ha le phahamisa matsoho ho ipiletsa ho nna, ke tla ipata sefahleho; leha le ka etsa dithapelo tse ngata, nke ke be ka le mamela, matsoho a lona a kganathetse madi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Leha le ka otlollela matsoho ho nna, ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa dithapelo tsa lona, nke ke ka di mamela: matsoho a lona a tletse madi.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 1:15
36 Referencias Cruzadas  

Yaba Solomone o ema kapele ho aletare ya Morena, moo setjhaba sohle sa Baiseraele se ntseng se bona, o phahamisetsa matsoho a hae lehodimong,


Ha Solomone a qetile ho rapela Morena ka thapelo ena yohle le ka kopo ena, a phahama kapele ho aletare ya Morena, moo a neng a ntse a kgumame teng, a phahamiseditse matsoho a hae lehodimong.


Ka nako ya ha ho etswa sehlabelo sa mantsiboya, ka ema moo esaleng ke dula teng ke sithabetse. Ka kgumama ka mangwele, seaparo sa ka le hempe ya ka di ntse di le matamuke, ka phahamisetsa matsoho a ka ho Morena Modimo wa ka.


Tsietsi di mo wela hodimo jwaloka sekgohola, fefo se mo fefola bosiu ha ho robetswe.


Ruri Modimo a ke ke a mamela mafeela, Ya Matla wohle a ke ke a a natsa.


Phahamisang matsoho a lona, le a phahamisetse Sehalalelong, le boke Morena.


Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele.


Hoja ke ne ke dumella bobe pelong ya ka, Morena a ka be a sa nkutlwa,


Moshe a re ho Faro: “Hanghang ha ke etswa motseng mona, ke tla phahamisetsa matsoho a ka ho Morena; letolo le tla kgaotsa, le sefako se ke ke sa hlola se eba teng, hore o tle o tsebe hore lefatshe ke la Morena.


ba tla ipiletsa ho nna ke se ke ka ba araba, ba mpatle ba se ke ba mphumana.


Ke mahlo a ikgohomosang, leleme le tletseng thetso, matsoho a tshollang madi, madi a se nang molato;


Morena o tla hlwekisa baahi ba Sione. Ka matla a moya wa hae o kang mollo, Morena o tla ahlola setjhaba, mme a se hlwekise, a hlakole molato wa Jerusalema le madi a tsholotsweng teng.


Ruri o Modimo ya ipatileng, wena Mopholosi, Modimo wa Iseraele.


Ho itima dijo ha lona ho baka dikgang le diqabang, ho bake le ho tlantlana, ho tlantlana ka ditebele. Na ho itima dijo ka mokgwa o tjee ho ka etsa hore thapelo tsa lona di mamelehe?


Ke hore o abelane dijo le ba lapileng, o amohele baleleri lapeng la hao, ba hlobotseng o ba fe diaparo, bang ka wena o ba thuse.


Ha ho na motho ya ipiletsang ho wena, kapa ya lekang hore a o kgomarele; hobane o re patetse fahleho sa hao, wa etsa hore re motele ka baka la dibe tsa rona.


Ha e le nna ke tshepile Morena, yena ya patileng sefahleho sa hae, a se patela ntlo ya Jakobo; ke yena eo ke tla mo lebella.


Ka baka lena, Morena o bua tjena: “Ke tla ba dihela koduwa eo ba ke keng ba e phema. Leha ba ka ipiletsa ho nna ha nka ke ka ba mamela.


Leha se ka itima dijo, nke ke ka mamela sello sa sona; leha se ka etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dino, tsena nke ke ka di amohela. Empa ke tla se timetsa ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa.”


Ke utlwile sello se kang sa mosadi a pepa, modumaelo o kang wa mosadi, mosadi wa letsibolana; sello sa moradi wa Sione ha a fehelwa, ha a itelela, a phakalatsa matsoho, a re: “Ka tla ka le bona! Bophelo ba ka bo matsohong a babolai!”


Le bolaile batho ba bangata motseng ona, mme le tlatsitse diterata tsa wona ka babolauwa.


“Wena ngwana motho, batho bana ba rapela medingwana ya bohata ka dipelong tsa bona. Ba beile sekgopi sa dibe tsa bona kapele ho difahleho tsa bona. Na nka dumela hore ba tlo mpotsa?


Baditjhaba ba tla tseba hore ba ntlo ya Iseraele ba ile ba iswa bothopuweng ka baka la bokgopo ba bona, hobane ba ile ba ntshitelwa. Ka baka leo, ke ile ka ba patela sefahleho sa ka, ka neelana ka bona matsohong a dira tsa bona, mme bohle ba ile ba bolawa ka sabole.


Ba tla ya ka mehlape, ya dikgutshwane le ya makgomo, ba ye ka yona ho ya batla Morena, empa ha ba ka ke ba mo fumana, hobane yena o arohane le bona.


Ke moo ba tla ipiletsa ho Morena, Morena a ke ke a ba araba. Mohlang oo o tla ba patela fahleho sa hae, ka baka la diketso tsa bona, ketso tsa bona tse kgopo.


“ ‘Jwalokaha ba sa ka ba mamela ha ke ne ke ba bitsa, le nna ha ke a ka ka ba mamela ha ba ipiletsa ho nna,’ ho rialo Morena wa mabotho.


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.


Jwale ha le rapela le se ke la ya lolololo jwaloka bahedene, ba hopolang hore ba tla utluwa ka baka la mantswe a bona a mangata.


Re a tseba hore Modimo ha a utlwe baetsadibe, empa ha motho a tshaba Modimo, a etsa thato ya hae, Modimo o a mo utlwa.


Ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba rapele, ba phahamise matsoho a se nang molato, ho se kgalefo kapa ngangisano.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos