Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 2:13 - BIBELE

13 “Bonang, ke tla le ripitla, ke le pidile sa koloi e qeqeketse haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Bonang, ke tla le hatisa, jwaloka koloi e tletseng mangata ha e hatisa lefatshe;

Ver Capítulo Copiar




Amose 2:13
10 Referencias Cruzadas  

Re ne re tlama dihlopha tshimong, mme ka bona sehlopha sa ka se tsoha, se ema tswee! Ka bona dihlopha tsa lona di ema, di se potapota, mme di se kgumamela.”


Na o ka e tshepela ho pola mabele a hao, le ho a thothela hae ha a le otlong sa hao?


Ke hakae ba ileng ba mo fetohela, ba mo fetohela feelleng, ba mo kgopisa lehwatateng!


Mekete ya lona ya ho thwasa ha kgwedi, le mekete ya lona e kgethehileng, moya wa ka o e hloile, ho nna e fetohile mejaro, ke kgathetse ke ho e sikara.


Ha o a nthekela hlaka le monko o monate, kapa wa nthabisa ka mafura a mahlabelo a hao. Empa o nkimeditse ka dibe tsa hao, wa ntena ka makgopo a hao.


Yaba Esaya o re: “Mamelang lona ba ntlo ya Davida! Na ha ho a lekana ha le ntse le kgathatsa batho, ha e le moo le ntse le kgathatsa Modimo wa ka?


“ ‘Erekaha o sa ka wa hopola matsatsi a botjha ba hao, wa nna wa nkgalefisa ka ho etsa dintho tsena, bona mona he, le nna ke tla iphetetsa ka baka la tsena tseo o di entseng, ho rialo Morena Modimo. Na ha wa ka wa eketsa bootswa hodima manyala wohle ao o a entseng?’ ”


Ba phonyohileng sabole, ba ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng ho tsona e le bathopuwa, ba tla nkgopola, ba hopole kamoo ke swabisitsweng kateng ke dipelo tsa bona tse hlokang botshepehi, tse ileng tsa mphuralla, mme mahlo a bona a tadima medingwana ya bohata. Ba tla inyonya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng, le ka baka la manyala a bona.


Le kgathaditse Morena ka dipuo tsa lona. Le a mpotsa, le re: “Re mo kgathaditse jwang?” Le mo kgathaditse ha le re: “Bohle ba etsang bokgopo ba lokile mahlong a Morena, mme Morena o a ba thabela;” kapa le re: “O hokae Modimo ya lokileng?”


Mahosana a tlisa nyehelo kapele ho Morena, e le makoloi a tsheletseng a nang le ditente, le dipholo tse leshome le metso e mmedi; koloi kanngwe e le ya mahosana a mabedi, pholo e le nngwe e le ya kgosana e le nngwe. A di tlisa kapele ho Tente ya Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos