Maoba le maobane, Saule haesale morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele le ho ba orosetsa hae, le Jehova o kile a re ho wena: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa Iseraele.
2 Samuele 7:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le kahohle moo ke tsamaileng hammoho le bana bohle ba Iseraele, na nkile ka bolela taba leha e le ho e mong wa baahlodi ba Iseraele, bao ke ba laetseng ho disa setjhaba sa ka sa Iseraele, ka re: Na ha le nkgahele keng ntlo ya dikedare na? BIBELE Dibakeng tsohle tseo ke tsamaileng ho tsona le bana ba Iseraele, na nkile ka botsa e mong wa baahlodi ba Iseraele, bao ke neng ke ba laele ho disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, ka re: Ke hobaneng ha o sa nkgahela ntlo ya dithupa tsa dikedare?’ ” |
Maoba le maobane, Saule haesale morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele le ho ba orosetsa hae, le Jehova o kile a re ho wena: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa Iseraele.
Leha e le maoba le maobane, Saule ha e sa ntse e le morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele, le ho ba orosetsa hae. Le Jehova, Modimo wa hao, o o boleletse, a re: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa setjhaba sa ka sa Iseraele.
Hohle moo ke tsamaileng hammoho le Baiseraele bohle, na nkile ka bolela taba leha e le ho e mong wa baahlodi ba Iseraele, bao ke ba laetseng ho disa setjhaba sa ka, ka re: Na ha le nkgahele ntlo ya dikedare keng na?
O tla alosa mohlape wa hae ka mokgwa wa modisa, o tla bokella dikonyana matsohong a hae, a di jare sefubeng sa hae; le tse anyesang, a di sotetse butle.
Lehodimo ke terone ya ka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka: ho rialo Jehova. E kae ntlo eo le ka nkgahelang yona? E kae nqalo eo nka phomolang ho yona?
Ke tla di nea badisa ba di alosang; ha di sa tla tshaba, ha di sa tla thothomela, ha ho ka ke ha hlokahala le e nngwe ya tsona, ho bolela Jehova.
Mora motho, porofetela badisa ba Iseraele, o porofete, o re ho badisa bao: Morena Jehova o re: Ho madimabe badisa ba Iseraele ba itisang; ha ke re, badisa ba tshwanetse ho disa mohlape?
Ke tla di hlahisetsa modisa a le mong, mme o tla di disa; e tla ba mohlanka wa ka Davida; ke yena ya tla di disa, eo e tla ba modisa wa tsona.
Yena o tla ema, a dise ka matla a Jehova le ka kganya ya lebitso la Jehova, Modimo wa hae, mme ba tla phomola, hobane jwale o tla ba moholo ho isa pheletsong ya lefatshe.
Le wena Bethlehema, fatshe la Juda, ha o monyenyane hara metse e meholo ya Juda, hobane ho tla tswa ho wena motsamaisi ya tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele.
Jwale, lona, hlong le itise, le dise le mohlape kaofela, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo eo o ithuetseng yona ka madi ao e leng a wona ka sebele.
ba howa, ba re: Banna ba Iseraele, tlatsang; suna motho ya ntseng a ruta batho kaofela kahohle thuto e lwantshang setjhaba, le molao, le nqalo ena; o bile o ekeditse ka ho tlisa Bagerike tempeleng, o bile o silafaditse nqalo ena e halalelang.
Hobane Jehova, Modimo wa hao, o tsamaya hara diahelo tsa hao ho o boloka, le ho neela dira tsa hao matsohong a hao. Diahelo tsohle tsa hao di ke di hlweke ke hona, mme Jehova a se ke a bona taba e ditshila ha hao, a tle a se ke a o furalla.
Ke kgothatsa baholo ba ho lona, nna ke leng moholo le bona, le paki ya mahlomola a Kreste, le ya nang le kabelo kganyeng e tlang ho senolwa,