Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 40:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 O tla alosa mohlape wa hae ka mokgwa wa modisa, o tla bokella dikonyana matsohong a hae, a di jare sefubeng sa hae; le tse anyesang, a di sotetse butle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 O katla mohlape wa hae jwaloka modisa, dikonyana o di sika ka matsoho a hae, a di sikele sefubeng sa hae, ditswetse tsona a di kganne hantle.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 40:11
32 Referencias Cruzadas  

Jakobo a re ho yena: Morenaka, o a tseba hobane bana ba sa ntse ba fokola, mme ke na le dinku le dikgomo tse anyesang; ekare ha di ka potlakiswa ka letsatsi le le leng, mohlape kaofela o ka shwa.


Empa seqha sa hae se dutse se tiile, mme matla a matsoho a hae a tiisitswe ke matsoho a senatla sa Jakobo, e leng Modisa le Lefika la Iseraele.


Le tsebe hobane Jehova ke Modimo! Ke yena ya re entseng, mme re ba hae, re setjhaba sa hae, re mohlape o aloswang ke yena.


Leha ntate le mme ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.


Jehova, o boloke setjhaba sa hao, o hlohonolofatse lefa la hao, o be modisa wa bona, o ba tiise ka ho sa feleng.


O be le tshepo ho Jehova, o etse ho hotle; o ahe lefatsheng, o ikgorisetse nneteng.


Sekeha tsebe, modisa wa Iseraele; wena ya tsamaisang Josefa jwalokaha ho tsamaiswa mohlape, wena ya dutseng hodima dikerubime, hlaha kganyeng ya hao!


Ha a kgaole lehlaka le robehileng, mme a ke ke a tima lebonenyana le sa kubellang; o tla hlahisa ho loka nneteng.


Yaba setjhaba sa hae se elellwa mehla ya kgale ya Moshe, sa re: O kae ya ba ntshitseng lewatleng, ba ena le modisa wa mohlape wa hae? O kae ya neng a bea Moya wa hae o Halalelang hara bona;


Utlwang lentswe la Jehova, lona ditjhaba, le tsebise dihlekehleke tse hole, le re: Ya hasantseng Iseraele o a mmokella; o tla mo disa jwalokaha modisa a disa mohlape wa hae.


Bonang, ke tla ba lata lefatsheng la Leboya, ke ba bokelle dipheletsong tsa lefatshe, sefofu se leng hara bona le sehlotsa, moimana le motswetse hammoho; ba tla kgutlela kwano e le bongata bo boholo.


Dinku tsa ka di tla diswa ke nna, ke nna ke tla di bothisa: ho rialo Morena Jehova.


Ke tla batla e lahlehileng, ke late e kgelohileng, ke tlamelle e leqeba, ke natlafatse e kulang; empa ke tla timetsa e nonneng le e matla; ke tla di disa ka ho loka.


Mora motho, porofetela badisa ba Iseraele, o porofete, o re ho badisa bao: Morena Jehova o re: Ho madimabe badisa ba Iseraele ba itisang; ha ke re, badisa ba tshwanetse ho disa mohlape?


Ke tla di hlahisetsa modisa a le mong, mme o tla di disa; e tla ba mohlanka wa ka Davida; ke yena ya tla di disa, eo e tla ba modisa wa tsona.


Haele lona, mohlape wa ka, dinku tsa madiso a ka, le batho; nna, ke Modimo wa lona: ho rialo Morena Jehova.


Mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona, e be modisa wa bona bohle; ba tla tsamaya ka ditaelo tsa ka, ba boloke dikomelo tsa ka, ba di etse.


Yena o tla ema, a dise ka matla a Jehova le ka kganya ya lebitso la Jehova, Modimo wa hae, mme ba tla phomola, hobane jwale o tla ba moholo ho isa pheletsong ya lefatshe.


Disa setjhaba sa hao ka lere la hao, e leng dinku tsa lefa la hao tse ahileng di nnotshi morung o hara Karmele; a di ke di alohele Bashane le Gileade, jwaloka mohla monene!


Yaba ke alosa dinku tse bolawang, hara tsona ho le tse fokolang tsa mohlape, mme ka inkela thupa tse pedi, e nngwe ka e rea Mohau, e nngwe ka e rea Ditlamo, ka ba ka alosa mohlape.


Wena lerumo, tsohela modisa wa ka, e leng monna e leng mohaeso, ho bolela Jehova wa makgotla. Otla modisa, dinku di tle di qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka hodima ba banyenyane.


Modimo wa kgotso, o kgutlisitseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,


Hobane le ne le le jwaloka dinku tse lahlehileng; empa jwale, le boetse ho eo e leng modisa le molebedi wa meya ya lona.


Mme mohla modisa e moholo a hlahang, le tla nka moqhaka wa kganya, o sa boleng.


hobane Konyana e hara terone e tla ba alosa, mme e tla ba isa didibeng tsa metsi a bophelo; mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos