Empa seqha sa hae se dutse se tiile, mme matla a matsoho a hae a tiisitswe ke matsoho a senatla sa Jakobo, e leng Modisa le Lefika la Iseraele.
2 Samuele 5:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Maoba le maobane, Saule haesale morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele le ho ba orosetsa hae, le Jehova o kile a re ho wena: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa Iseraele. BIBELE Mehleng ya ha Saule e ne e le kgosi ya rona, e ne e le wena ya etellang Baiseraele pele ha ba futuha. Morena a na a re ho wena: ‘O tla disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, mme o tla ba kgosi ya Iseraele.’ ” |
Empa seqha sa hae se dutse se tiile, mme matla a matsoho a hae a tiisitswe ke matsoho a senatla sa Jakobo, e leng Modisa le Lefika la Iseraele.
Davida a re ho Mikale: Ke entse jwalo pela Jehova ya nkgethileng bakeng sa ntatao le bakeng sa bohle ba ntlo ya hae, hore a mpee motsamaisi wa setjhaba sa Jehova, sa Iseraele; ke ka baka leo ke ratang ho hobela pela Jehova;
Le kahohle moo ke tsamaileng hammoho le bana bohle ba Iseraele, na nkile ka bolela taba leha e le ho e mong wa baahlodi ba Iseraele, bao ke ba laetseng ho disa setjhaba sa ka sa Iseraele, ka re: Na ha le nkgahele keng ntlo ya dikedare na?
Jwale, bolella mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ne ke o late merakeng, o setse dinku morao, hore ke o bee modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele.
Boya, o re ho Esekiase, modisa wa setjhaba sa ka: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona, ke tla o fodisa; ka la boraro o tla nyolohela tlung ya Jehova.
Leha e le maoba le maobane, Saule ha e sa ntse e le morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele, le ho ba orosetsa hae. Le Jehova, Modimo wa hao, o o boleletse, a re: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa setjhaba sa ka sa Iseraele.
Jwale ako nnee bohlale le kelello, ke tle ke tsebe ho tswa le ho boya pontsheng ya setjhaba sena; hobane ana ke mang ya ka ahlolelang tjhaba sena sa hao se sekakale?
O tla alosa mohlape wa hae ka mokgwa wa modisa, o tla bokella dikonyana matsohong a hae, a di jare sefubeng sa hae; le tse anyesang, a di sotetse butle.
Ke tla di hlahisetsa modisa a le mong, mme o tla di disa; e tla ba mohlanka wa ka Davida; ke yena ya tla di disa, eo e tla ba modisa wa tsona.
Yena o tla ema, a dise ka matla a Jehova le ka kganya ya lebitso la Jehova, Modimo wa hae, mme ba tla phomola, hobane jwale o tla ba moholo ho isa pheletsong ya lefatshe.
ya ka ba etellang pele ho tsweng le ho kgutleng, ya ka ba ntshang, ya ka ba kgutlisang, hore phutheho ya Jehova e tle e se ke ya eba jwaloka dinku tse se nang modisa.
Le wena Bethlehema, fatshe la Juda, ha o monyenyane hara metse e meholo ya Juda, hobane ho tla tswa ho wena motsamaisi ya tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele.
Efela ho ne ho tshwaneleha hoba yena eo ntho tsohle di etseditsweng yena, eo tsohle di entsweng ke yena, ha a ne a tla isa bana ba bangata kganyeng, a phethisise ka bohloko eo e leng Morena wa poloko ya bona.
Jwale, borena ba hao bo ke ke ba tiya; Jehova o ikgethetse monna e mong ya pelong ya hae; Jehova o se a mo kgethile hore e be morena wa setjhaba sa hae, kahobane ha o a ka wa boloka seo Jehova a o laetseng sona.
Yaba Jehova o re ho Samuele: O tla hlomohela Saule ho le hokae, athe ke mo lahlile, hore e se hlole e eba morena wa Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, o ye, ke o rome ho Jese wa Bethlehema, hobane ke iponetse morena hara bara ba hae.
Saule a mo tlosa ho yena ke hona, a mmea molaodi wa sekete. Davida o ne a etswa, a boela a orohe pontsheng ya setjhaba.
Haele Baiseraele bohle le Bajuda, ba ne ba rata Davida, ha a ntse a etswa, a oroha pontsheng ya bona.
Davida a nna a futuhela hohle moo Saule a mo romang, mme kahohle a etsa ka masene; Saule a mmea le molaodi wa banna ba ntwa; mme setjhaba sohle le bahlanka ba Saule ba kgahlwa ke yena.
O nteballe molato, ke le lekgabunyane la hao. Jehova a etsetse monga ka ntlo e tiileng; hobane ke wena, monghadi, ya lwanang dintwa tsa Jehova, mme bobe ha bo a ka ba fumanwa ho wena le ka mohla o le mong.
Etlare hobane Jehova a etsetse monghadi tsohle tse ntle tseo a di buileng bakeng sa hao, a o beile morena wa Iseraele,
Hosasane, ha ho le jwalo, ke tla o romela monna ya tswang naheng ya Benjamine; o ke o mo tlotse, e be mong a setjhaba sa ka sa Iseraele; o tla namolela setjhaba sa ka matsohong a Bafilesta, etswe ke hopotse setjhaba sa ka, kahobane dillo tsa sona di fihlile ho nna.