Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 5:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba meloko yohle ya Iseraele e tla ho Davida, Hebrone, ba bolela, ba re: Bona, re masapo a hao le nama ya hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Merabe yohle ya Baiseraele ya ya ho Davida a le Heborone, ya bua, ya re: “Bona, re bana beno.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 5:1
13 Referencias Cruzadas  

Labane a re ho yena: Efela o lesapo la ka le nama ya ka! Jakobo a dula ho yena matsatsi a kgwedi.


Ke lona le leng banabeso, le masapo a ka, le nama ya ka; le diehetseng ho lata morena?


Le ho Amasa le re: Na ha o masapo a ka le nama ya ka na? Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha o sa bewe molaodi wa makgotla a ka kamehla, tulong tsa Joabe.


A sekamisa jwalo pelo tsa banna bohle ba Juda, jwaloka hoja ke motho a le mong. Ba romela ke hona ho morena, ba re: Kgutla, wena le bahlanka ba hao bohle.


Banna ba Iseraele ba fetola banna ba Juda, ba re: Re na le dikarolo tse leshome ho morena, hape, Davida ke wa rona haholo ho lona; le re nyediseditseng hakalo, ha le sa ka la qala ka ho buisana le rona tabeng ya ho lata morena? Mme puo tsa banna ba Juda tsa eba thata ho feta tsa banna ba Iseraele.


Ba lata setopo sa Asaele, ba se epela lebitleng la ntatae, Bethlehema. Yaba Joabe le banna ba hae ba tsamaya bosiu bohle; ha bo esa, ba fihla Hebrone.


Hobane re ditho tsa mmele wa hae.


o ipeele morena ya tla kgethwa ke Jehova, Modimo wa hao; motho ya tla bewa morena ke wena, e be e mong wa banabeno; o ke ke wa bea moditjhaba, e leng motho eo e seng ngwaneno.


Mme kahobane bana ba na le kabelo nameng le mading, le yena o ile a ba le kabelo teng jwaloka bona, hore a fedise ka lefu la hae ya nang le mmuso wa lefu, ke ho re, Diabolose,


Ebile Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba tloha Eglone, ba ya Hebrone, mme ba o lwantsha.


A le keng le bueng le beng ba Sikeme, le re: Haele ho buswa ke batho ba mashome a supileng, bao e leng bohle bana ba Jerubbaale, kapa e le ho buswa ke motho a le mong feela, ho molemo ho lona ke hofe na? Hape, le hopole hobane ke nna masapo a lona le nama ya lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos