Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 4:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Yaba Davida o laela bahlankana, ba tla, ba ba bolaya, ba ba poma matsoho le maoto, ba ntoo ba fanyeha pela letsha le Hebrone; haele hlooho ya Ishe-Boshethe, ba e nka, ba e epela lebitleng la Abnere, Hebrone.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Davida a laela bahlankana, ba ba bolaya, ba ba kgaola maoto le matsoho, ba ba fanyeha pela letshana le Heborone. Hlooho ya Ishe-Boshete yona ba e nka, ba e epela ka lebitleng la Abinere, Heborone.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 4:12
8 Referencias Cruzadas  

Yaba Davida o bitsa e mong ho bahlankana, a re: Atamela, o mmolaye. A mmolaya, a shwa.


Jehova a busetse ho wena madi wohle a ntlo ya Saule, eo o ikentseng morena tulong tsa hae. Jehova o neile mora hao Absalome mmuso, mme bona, o tshwasitswe ke bobe ba hao, etswe o le motho ya madi.


Empa Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Saule, a nka Ishe-Boshethe, mora Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.


a ba neela matsohong a ba Gibeone, mme ba ba fanyeha thabeng pela Jehova. Bao ba supileng ba eshwa jwalo hammoho, ba bolawa nakong ya ho kotula, matsatsing a pele ha batho ba qala ho hela harese.


Ba epela Abnere Hebrone. Teng morena a lla, a bokolla a eme lebitleng la Abnere, le setjhaba sohle sa lla.


Hobane wena, Modimo, o tla ba dihela tlasetlase sehokong; batho bao ba madi, ba tletseng mano, ba ke ke ba phela ho fihlela lehare la matsatsi a bona. Empa nna, ke beile tshepo ya ka ho wena.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos