Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 4:12 - BIBELE

12 Davida a laela bahlankana, ba ba bolaya, ba ba kgaola maoto le matsoho, ba ba fanyeha pela letshana le Heborone. Hlooho ya Ishe-Boshete yona ba e nka, ba e epela ka lebitleng la Abinere, Heborone.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Yaba Davida o laela bahlankana, ba tla, ba ba bolaya, ba ba poma matsoho le maoto, ba ntoo ba fanyeha pela letsha le Hebrone; haele hlooho ya Ishe-Boshethe, ba e nka, ba e epela lebitleng la Abnere, Hebrone.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 4:12
8 Referencias Cruzadas  

Davida a bitsa e mong wa bahlankana, a re ho yena: “Tloo o mmolaye!” Eo a mo phehletsa, a shwa.


Morena o o ahlolela madi wohle ao o a tsholotseng, a bana ba ntlo ya Saule, eo o ikgapetseng mmuso wa hae; jwale Morena o neile mora wa hao, Abosalome, mmuso ona, mme wena o kgatilwe ke bokgopo ba hao, hobane o mmolai!”


Jwale Abinere, mora wa Nere, e leng molaodi wa mabotho ao e neng e le a Saule, a nka Ishe-Boshete, mora wa Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.


Kgosi ya neelana ka bona matsohong a Bagibeone. Bagibeone ba ba fanyehela thabeng, kapele ho Morena, mme ba eshwa bohle ka bosupa ba bona. Ha ba bolawa e ne e le qalehong ya matsatsi a kotulo, ha ho qalwa ho hela harese.


Yaba ba epela Abinere motseng wa Heborone. Kgosi ya phahamisa lentswe la yona, ya llela lebitleng la Abinere. Setjhaba sohle sa lla.


Rolela morwalo wa hao ho Morena, mme o tla o jarisa; a ke ke a tlohella ya lokileng hore a sisinngwe le ka mohla.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona, mme kahlolo eo ya lona e tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyetsang ba bang ka yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos