Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 5:1 - BIBELE

1 Merabe yohle ya Baiseraele ya ya ho Davida a le Heborone, ya bua, ya re: “Bona, re bana beno.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba meloko yohle ya Iseraele e tla ho Davida, Hebrone, ba bolela, ba re: Bona, re masapo a hao le nama ya hao.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 5:1
13 Referencias Cruzadas  

mme Labane a re ho yena: “Ruri o lesapo la ka le nama ya ka!” Jakobo a hlola le yena kgwedi kaofela.


Lona le bana beso, le madi eso; jwale ke hobaneng ha le le ba ho qetela, ba reng kgosi e kgutle?’


Ho Amasa le tle le re: ‘Na wena ha o madi eso? Morena a nketse tjena le tjena, le ho feta, haeba o ke ke wa ba molaodi wa mabotho sebakeng sa Joabe, kamehla ha ke ntse ke phela.’ ”


Kgosi ya hapa dipelo tsa banna bohle ba morabe wa Juda, ba eba ntsweleng, hoo ba bileng ba romela molaetsa ho yona, ba re: “Kgutla, wena le bahlanka bohle ba hao.”


Banna ba Iseraele ba araba banna ba morabe wa Juda, ba re: “Kabelo ya rona ho kgosi e feta ya lona haleshome; le ho Davida re na le tokelo e fetang ya lona. Jwale le re nyedisitse ka baka lefe? Na hase rona ba qadileng ho bua pele ka taba ya hore kgosi e kgutliswe?” Dipolelo tsa banna ba morabe wa Juda di ne di hlaba ho feta tsa banna ba Iseraele.


Ba nka setopo sa Asaele, ba se epela ka lebitleng la ntatae, le neng le le Betlelehema. Bo-Joabe le bahlabani ba hae ba tsamaya bosiu bohle, ba fihla Heborone ha bo esa.


e leng mmele wa hae oo re leng ditho tsa wona.


le tla fela le ikgethele kgosi eo Morena Modimo wa lona, a tla e kgetha. Le tla ikgethela kgosi hara bana babo lona, le se ke la ikgethela moditjhaba eo e seng ngwanabo lona.


Erekaha bana bao e le batho ba nama le madi ka ho tshwana le yena, o tshwana le bona ka nama le madi, e le hore ka lefu la hae a tle a ripitle ya nang le matla hodima lefu, e leng Diabolosi.


Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a tloha Egelone, a ya Heborone, mme ba futuhela motse oo.


“Ke a le kopa: Buang moo bana bohle ba Shekeme ba utlwang, le re: ‘Ho molemo ho lona ke hofe: Na ke ho buswa ke banna ba mashome a supileng, bao bohle e leng bara ba Jerubaale, kapa ke ho buswa ke monna a le mong feela?’ Hopolang hore nna le lona re nama e le nngwe le madi a le mang.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos