Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 18:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Haele Baiseraele bohle le Bajuda, ba ne ba rata Davida, ha a ntse a etswa, a oroha pontsheng ya bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Empa Baiseraele bohle le ba morabe wa Juda, ba ne ba rata Davida, hobane o ne a futuha, a be a kgutle a ntse a ba eteletse pele.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 18:16
9 Referencias Cruzadas  

Maoba le maobane, Saule haesale morena wa rona, e be e le wena ya futuhisang Baiseraele le ho ba orosetsa hae, le Jehova o kile a re ho wena: O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele, o be molaodi wa Iseraele.


Jwale, Jehova, Modimo wa ka, o beile mohlanka wa hao morena, tulong tsa ntate Davida; athe nna ke mohlankanyana feela, ha ke tsebe le ho itsamaisa.


Hobane Mojuda Mordekai e ne e le wa bobedi, ya hlahlamang morena Assueruse; a ba moholo hara Bajuda le ya kgahlehang ho bongata ba banababo; a nna a batlela setjhaba sa habo molemo, a nna a buella bohle ba mofuta wa habo kgotso.


ya ka ba etellang pele ho tsweng le ho kgutleng, ya ka ba ntshang, ya ka ba kgutlisang, hore phutheho ya Jehova e tle e se ke ya eba jwaloka dinku tse se nang modisa.


Empa ba ne ba sa bone hore na ba tla etsa jwang kahobane setjhaba kaofela se ne se mo kgomaretse, se tle se mo mamele.


Baprista ba baholo le bangodi ba batla ho isa matsoho ho yena ka yona nako eo, empa ba tshaba batho; hobane efela ba ne ba tsebile hoba o lekantse bona ka setshwantsho seo.


Saule a mo tlosa ho yena ke hona, a mmea molaodi wa sekete. Davida o ne a etswa, a boela a orohe pontsheng ya setjhaba.


Ka baka leo, Saule, ha a bona hobane Davida o etsa ka masene a maholo, a eketsa ho mo tshaba.


Davida a nna a futuhela hohle moo Saule a mo romang, mme kahohle a etsa ka masene; Saule a mmea le molaodi wa banna ba ntwa; mme setjhaba sohle le bahlanka ba Saule ba kgahlwa ke yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos