2 Samuele 23:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Modimo wa Iseraele o buile, Lefika la Iseraele le mpoleletse, la re: Ya busang batho ka ho loka, ya renang ka ho tshaba Modimo, BIBELE Modimo wa Iseraele a bua, Lefika la Iseraele la mpuisa: ‘Ya busang batho ka toka, ya busang ka ho tshaba Modimo, |
Davida ya eba morena wa Baiseraele bohle, mme Davida a etsa setjhaba sohle ka ho loka le ka bokgabane.
Ha ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena hore a o bee teroneng ya Iseraele! Erekaha Jehova a rata Iseraele kamehla, Jehova o o beile morena, hore o etse ka ho loka le ka tokelo.
Ho hong ke hoba, haesale morena a ntaela hore ke be mmusisi wa bona naheng ya Juda, ho tloha selemong sa mashome a mabedi ho isa selemong sa mashome a mararo a metso e mmedi sa ho busa ha Artakserksese, e leng dilemo tse leshome le metso e mmedi, nna le banabeso, ha re a ka ra ja bohobe ba mmusisi.
Ya hloyang ho loka na o ne a ka rena na? Kapa o ka tswa jwang ya nang le ho loka hohle,
Ke tla re ho Modimo, lefika la ka: O ntebalelang? Ke tsamaelang ka dillo tlasa botubo ba sera?
O ikgethele banna ba bohlale hara setjhaba, ba tshabang Modimo, banna ba sebele, ba ilang bokgonatha; o ba bee balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano le balaodi ba mashome.
Modimo wa eketsa wa re ho Moshe: O tle o re ho bana ba Iseraele: Jehova, Modimo wa bontata lona, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo, o nthomile ho lona. Ke lona lebitso la ka ka ho sa feleng, mme ke yona kgopotso ya ka melokong le melokong.
Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho hlahisetsa Davida lehlomela le lokileng, e be morena ya renang ka hlalefo, a bee kahlolo le ho loka lefatsheng.
Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.
Ke Lefika; mosebetsi wa hae o phethehile, hobane ditsela tsa hae kaofela di lokile: ke Modimo o tshepehang, o se nang bokgopo; o lokile, o kgabane.
Empa haele ka Mora, o itse: Modimo, terone ya hao e tiile ka ho sa feleng, mme lere la mmuso wa hao ke lere la ho loka;