Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 10:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ha ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena hore a o bee teroneng ya Iseraele! Erekaha Jehova a rata Iseraele kamehla, Jehova o o beile morena, hore o etse ka ho loka le ka tokelo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ho bokwe Morena Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena, mme a o bea hore o be kgosi ya Iseraele! Kahobane Morena o rata Baiseraele kamehla yohle, o o entse kgosi ya bona, hore o ahlole hantle, ka toka.”

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 10:9
23 Referencias Cruzadas  

Modimo wa Iseraele o buile, Lefika la Iseraele le mpoleletse, la re: Ya busang batho ka ho loka, ya renang ka ho tshaba Modimo,


Davida a tseba kahoo hoba Jehova o mo tiisitse ho ba morena wa Iseraele, le hobane o phahamisitse borena ba hae ka baka le setjhaba sa hae sa Iseraele.


Davida ya eba morena wa Baiseraele bohle, mme Davida a etsa setjhaba sohle ka ho loka le ka bokgabane.


Baiseraele bohle, ha ba utlwa kahlolo eo morena a ahlotseng ka yona, ba tshaba morena, ba bona hobane kelello ya Modimo e ho yena, hore a tsebe ho ahlola.


Eitse Hirame ha a utlwa polelo tsa Salomone, a thaba haholo, a re: Ho bokwe Jehova kajeno, hobane o neile Davida mora ya bohlale ho busa setjhaba seo se seholo.


O beile setjhaba sa hao sa Iseraele hore e nne e be setjhaba sa hao ka ho sa feleng, mme wena, Jehova, o bile Modimo wa sona.


Yaba Hurame, morena wa Tire, o araba ka lengolo leo a le romelang ho Salomone, a re: Kahobane Jehova a ratile setjhaba sa hae, Jehova o o beile morena hodima sona.


A nntshetsa sebakeng, a mpholosa; hobane a ne a nthata.


ba re: O itshepetse Jehova, a ke a mo pholose, a mmoloke, haele moo a kgahliswa ke yena!


O tla ahlola setjhaba sa hao ka ho loka, le mafutsana a hao ka bokgabane.


Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.


Ha o sa tla hlola o bitswa Motlohelwa, naha ya hao e ke ke ya nna ya bitswa Nahathothe; empa o tla bitswa Moratuwa, lefatshe la hao le bitswe Monyaduwa, hobane Jehova o thaba ka wena, mme lefatshe la hao le tla bona monyadi.


Hobane re tswaletswe ngwana, re neilwe mora; borena bo beilwe lehetleng la hae, mme o tla bitswa Moeletsi ya makatsang, Modimo o matla, Rabosafeleng, Morena wa kgotso;


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Jehova o iponahaditse ho nna a le hole, a re: E, ke o rata ka lerato le sa feleng; ka baka leo, ke tla o bolokela mohau wa ka.


Ke le ratile, ho bolela Jehova; mme le re: O re ratile kang? — Ha ke re, Esau e ne e le ngwanabo Jakobo? ho bolela Jehova; jwale, ke ratile Jakobo, athe Esau yena ke mo hloile;


Empa kahobane Jehova a le ratile, mme a bolokile kano eo a e anetseng bontata lona, Jehova o le ntshitse Egepeta, ka letsoho le matla, mme o le lopolotse tlung ya bohlanka, le letsohong la Faro, Morena wa Egepeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos