Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 8:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Davida ya eba morena wa Baiseraele bohle, mme Davida a etsa setjhaba sohle ka ho loka le ka bokgabane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Davida a busa naha yohle ya Iseraele. A ahlolela setjhaba sohle sa hae ka toka le ka nnete.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 8:15
24 Referencias Cruzadas  

Absalome o ne a re ho yena: Taba tsa hao di ntle, di lokile, empa ha ho ya beilweng ke morena ho di utlwa ho wena.


Ha ho le jwalo, Joabe ya nna ya eba molaodi wa makgotla wohle a Iseraele: Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe;


Ebile Abnere o romela Davida manqosa a tswang ho yena, a re: Lefatshe ke la mang na? A eketsa a re: Hlaba selekane le nna; o tla bona letsoho la ka le o emela, hore ke sokollele Baiseraele bohle ho wena.


A busa Juda, a le Hebrone, ka dilemo tse supileng tse nang le dikgwedi tse tsheletseng, mme a busa Iseraele kaofela le Juda ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro, a le Jerusalema.


A bea bahlabani Edomo; kahohle Edomo, a bea bahlabani, le Baedomo bohle ya eba bafo ba Davida. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.


Joabe, mora Tseruja, e ne e le molaodi wa makgotla; Josafate, mora Akilude, e ne e le mmoloki wa mangolo a mmuso;


Ha ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena hore a o bee teroneng ya Iseraele! Erekaha Jehova a rata Iseraele kamehla, Jehova o o beile morena, hore o etse ka ho loka le ka tokelo.


Morena Salomone ya eba morena wa Baiseraele bohle.


Davida ya eba morena wa Baiseraele bohle, mme a nna a etsa setjhaba sa hae kaofela ka ho loka le ka bokgabane.


AIN. Ke ya ka molao le ka ho loka; o se ke wa nneela batubi ba ka;


O tla ahlola setjhaba sa hao ka ho loka, le mafutsana a hao ka bokgabane.


Etlare hobane ke bee latsatsi la teng, ke tla ahlola ka ho loka.


Ho loka le kahlolo ke motheo wa terone ya hao, mohau le nnete di tsamaya pela sefahleho sa hao.


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Hloyang ho hobe, le rate ho hotle, le tiise se lokileng kgotla; mohla ope, Jehova, Modimo wa makgotla, a ka hauhela masala a Josefa.


Empa kahlolo e tla matha jwaloka metsi, le ho loka jwaloka noka e sa phetseng ho phalla.


Bao bohle ka tumelo ba hlotse marena, ba sebeditse ho loka, ba ruile dipallo, ba thibile melomo ya ditau;


Saule hobane a nke borena Iseraeleng, a futuhela dira tsa hae tse mo potileng kahohle, e le Bamoabe, le bana ba Ammone, le Baedomo, le marena a Tsoba, le Bafilesta, mme hohle moo a neng a eya, o ne a hlola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos