Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 8:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A bea bahlabani Edomo; kahohle Edomo, a bea bahlabani, le Baedomo bohle ya eba bafo ba Davida. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 A hloma diahelo tsa mabotho naheng yohle ya Edomo, mme baahi bohle ba Edomo ya eba bahlanka ba hae. Morena a thusa Davida hohle moo a yang teng.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 8:14
18 Referencias Cruzadas  

Jehova a re ho yena: Ditjhaba tse pedi di ka popelong ya hao; mefuta e mmedi e tla ikarohanya e etswa maleng a hao, setjhaba se tla hlola setjhaba se seng, mme e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.


Ditjhaba di ke di o sebeletse, merabe e iname tlasa hao! O be morena wa banabeno, mme bara ba mmao ba iname pela hao! Ho rohakwe ya o rohakang, mme ho hlohonolofatswe ya o hlohonolofatsang!


Davida a nna a ya a hola, mme Jehova, Modimo wa makgotla, a nna a ba le yena.


Ka nna ka ba le wena le hohle moo o tsamaileng; ke bile ka fedisa dira tsohle tsa hao pela hao, ka o etsetsa le lebitso le leholo le kang mabitso a ba baholo ba lefatshe.


Davida ya eba morena wa Baiseraele bohle, mme Davida a etsa setjhaba sohle ka ho loka le ka bokgabane.


Davida a ntoo bea bahlabani naheng ya Siria ya Damaseka, mme Basiria ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgotho. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.


Hobane, mohla Davida a neng a futuhetse Edomo, Joabe, molaodi wa makgotla a hae, hoba a epele ditopo, a ya, a bolaya ba batona bohle ba Edomo.


Ba setseng ba Basodoma, ba neng ba siilwe mehleng ya ntatae Asa, a ba fiela naheng.


Ha bo ho se morena Edomo mohlang oo ya busang teng, e ne e le mmusisi.


A bolaya Baedomo ba dikete tse leshome, Thoteng ya Letswai; a nka Sela ka ntwa, a o rea lebitso la Joktheele (o hapilweng ke Jehova); le kajeno ke lona.


Jehova a ba le yena; ebile moo a qhomehang nthong tsohle tseo a di etsang. A fetohela morena wa Assiria a se ke a hlola a mo sebeletsa.


A bea balebedi Edomo, mme Baedomo bohle ya eba bafo ba Davida. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.


Oho Modimo, o re lahlile, o re qhalantse; o ne o halefile; oho, o boele o re tsose!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos