Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 8:14 - BIBELE

14 A hloma diahelo tsa mabotho naheng yohle ya Edomo, mme baahi bohle ba Edomo ya eba bahlanka ba hae. Morena a thusa Davida hohle moo a yang teng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A bea bahlabani Edomo; kahohle Edomo, a bea bahlabani, le Baedomo bohle ya eba bafo ba Davida. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 8:14
18 Referencias Cruzadas  

mme Morena a re ho yena: “Ditjhaba tse pedi di ka popelong ya hao, merabe e mmedi e tla arohana, merabe eo e tswe maleng a hao, morabe o mong o tla ba matla ho feta o mong, e moholo o tla sebeletsa e monyenyane.”


Ditjhaba di ke di o sebeletse, mme merabe e ke e o kgumamele. Eba morena wa bana beno, bana beno ba o kgumamele. Bohle ba o rohakang ba ke ba rohakehe, mme bohle ba o hlohonolofatsang ba hlohonolofale.”


Davida a nna a tswela pele ho matlafala, mme Morena Modimo wa mabotho, a ba le yena.


Ke bile le wena hohle moo o nnileng wa ya teng, mme ke timeditse dira tsa hao tsohle. Ke tla tumisa lebitso la hao jwaloka mabitso a ba tumileng ba teng lefatsheng mona.


Davida a busa naha yohle ya Iseraele. A ahlolela setjhaba sohle sa hae ka toka le ka nnete.


Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Baarame e Damaseka, mme Baarame ya eba bahlanka ba Davida ba mo thellang. Morena a thusa Davida hohle moo a neng a futuhela teng.


Hoba Davida a hlole Baedomo, Joabe, molaodi wa lebotho, a nyoloha ho ya epela babolauwa. Joabe o ne a ile a bolaya banna bohle ba ahileng Edomo,


Ho ne ho se kgosi Edomo, ho busa motshwaredi.


Kgosi Jehoshafate a haha dikepe tsa kgwebo hore di tle di yo lata kgauta Ofire, empa tsa se ke tsa finyella, hobane di ile tsa pshatlwa ke difefo Esione-Gebere.


Amasiya a bolaela Baedomo ba dikete tse leshome ka Kgohlong ya Letswai, a ba a hapa Sela, a e rea lebitso la Jokotheele, mme e ntse e bitswa jwalo le kajeno-ya-bokajeno.


Morena a ba le Hesekiya, mme a atleha ho tsohle tseo a neng a di etsa. Yaba Hesekiya o fetohela kgosi ya Asiria, o hana ho e sebeletsa.


Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Edomo, mme Baedomo bohle ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang. Ka mokgwa o jwalo, Morena a etsa hore Davida a hlole hohle moo a neng a futuhela teng.


Pesalema ya Davida, e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe wa bopaki”.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos