Hape, Absalome o ne a re: Hoja nka bewa moahlodi wa lefatshe lena, bohle ba nang le dinyewe le tse ahlolwang ba ka be ba etla ho nna, mme nka be ke ba ahlolela.
2 Samuele 15:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Absalome o ne a re ho yena: Taba tsa hao di ntle, di lokile, empa ha ho ya beilweng ke morena ho di utlwa ho wena. BIBELE Abosalome a re ho yena: “Nyewe ena ya hao e ntle haholo, e bile e nepahetse, empa ha ho le ya mong wa banna ba kgosi ya tla o mamela.” |
Hape, Absalome o ne a re: Hoja nka bewa moahlodi wa lefatshe lena, bohle ba nang le dinyewe le tse ahlolwang ba ka be ba etla ho nna, mme nka be ke ba ahlolela.
Davida ya eba morena wa Baiseraele bohle, mme Davida a etsa setjhaba sohle ka ho loka le ka bokgabane.
Ba etsetsana mashano ba bang ho ba bang; qeko e melomong ya bona, ba bua ba ena le pelo tse pedi.
Hlonepha ntatao le mmao, matsatsi a hao a tle a eketsehe lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.
Leihlo la motho ya somang ntatae, ya nyedisang thuto ya mmae, makgwaba a molapo a tla le honya, madinyane a ntsu a le je.
Ha hao, batho ba rohaka bontata bona le bomma bona; ha hao, moditjhaba o a tujwa; ha hao, kgutsana le mosadi wa mohlolohadi ba hatakelwa.
Mme ho tla tsoha e mong tulong tsa hae, ya nyatsehang, ya sa lokelweng ke ho bewa morena, mme o tla itlhahisa ka kgotso, a ikgapele borena ka mano.
Ba bokanela Moshe le Aarone, ba re ho bona: Ho lekane! Phutheho kaofela ke batho ba halalelang, mme Jehova o hara bona; ke ka baka lang ha le iphahamisitse kahodimo ho phutheho ya Jehova na?
Hobane Modimo o laetse, wa re: Hlonepha ntatao le mmao. Hape ho itswe: Ya rohakang ntatae, leha e le mmae, a bolawe.
Pauluse a re: Banabeso, ke ne ke sa tsebe hoba ke moprista e moholo; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O se ke wa bua hampe ka morena wa setjhaba sa heno.
Hlomphang batho bohle; ratang banababo lona bohle; tshabang Modimo; hlomphang morena wa setjhaba.
haholo ba dumelang ho hulelwa ke nama ditakatsong tse ditshila, ba nyedisang borena. Baikgantshi, baikgohomosi bao, ha ba tshabe ho nyefola ba kganyang;