Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 15:3 - BIBELE

3 Abosalome a re ho yena: “Nyewe ena ya hao e ntle haholo, e bile e nepahetse, empa ha ho le ya mong wa banna ba kgosi ya tla o mamela.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Absalome o ne a re ho yena: Taba tsa hao di ntle, di lokile, empa ha ho ya beilweng ke morena ho di utlwa ho wena.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 15:3
16 Referencias Cruzadas  

Abosalome a tswele pele, a re: “Hoja ke ne ke le moahlodi naheng ena, mme bohle ba nang le dinyewe kapa ditaba ba etla ho nna, ke ne ke tla ba ahlolela ka toka.”


Davida a busa naha yohle ya Iseraele. A ahlolela setjhaba sohle sa hae ka toka le ka nnete.


Re pholose Morena, batshepuwa ba fedile; botshepehi ha bo sa le yo ho bana ba batho.


“Hlompha ntatao le mmao, e le hore o tle o phele halalele naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.


“Ya rohakang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa.”


ya lokileng Morena o a mo hauhela, ya merero e mebe yena o a mo ahlola.


“Moloko o teng o rohakang bo-ntata wona, o sa hlompheng le bo-mma wona.


“Leihlo le tshehang ntata lona, le nyedisang taelo ya mma lona, makgwaba a dikgohlo a tla le honya, mme madinyane a ntsu a le je.


Baahi ba hao ba nyedisa bo-ntata bona le bo-mma bona, ba hatella moditjhaba, ba hlorisa kgutsana le mohlolohadi.


“Kgosi ya Siria e tla hlahlangwa ke monna ya kgopo, ya sa lokelang ho ba kgosi. Monna eo o tla tla a sa lebellwa, a ikgapele mmuso ka bolotsana.


Ba ikopanya, ba lwantsha Moshe le Arone, ba re ho bona: “Kgale re le mameletse! Setjhaba sena sohle se a halalela, mme Morena o teng hara sona. Ke ka baka lang ha le iphahamisa, le ipea kahodima setjhaba sa Morena?”


Modimo o itse: ‘Hlompha ntatao le mmao,’ mme hape a re: ‘Ya rohakang ntatae kapa mmae a bolawe.’


Paulosi a re: “Bana beso, ke ne ke sa tsebe hore ke Moprista e Moholo, hobane ho ngotswe, ho thwe: ‘O se ke wa bua mmusi wa setjhaba sa heno hampe.’ ”


Hlomphang batho bohle, ratang badumedi, tshabang Modimo, hlomphang kgosi.


haholoholo ba buswang ke ditakatso tse ditshila tsa nama, ba nyefolang borena ba Modimo. Ke ba itshepang, ba ikgopolang, ba sa tshabeng ho nyefola mangeloi a tlotlehang;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos