Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 15:2 - BIBELE

2 Abosalome o ne a ye a tsohe e sa le hoseng, a yo ema tseleng e yang kgorong ya motse. E ne e ye ere ha motho ya nang le nyewe a eya ho kgosi hore a yo ahlolelwa, ebe Abosalome o a mmitsa, o re ho yena: “O tswa motseng ofe?” Eo a re: “Mohlanka wa hao o tswa ho o mong wa merabe ya Iseraele.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Absalome o ne a tsoha e sa le hosasa, a ye ho ema pela tsela e yang kgorong ya motse; motho e mong le e mong ya neng a eya ho morena ka nyewe ya hae kahlolong, Absalome o ne a mo bitsa, a re: Wena nnyeo, o tswa motseng ofe? Eo ha a re: Mohlanka wa hao o tswa lelokong le itseng la Iseraele,

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 15:2
13 Referencias Cruzadas  

Yaba Hamore le mora wa hae Shekeme ba fihla kgorong ya motse wa habo bona, ba bua le batho ba motse oo, ba re:


Yaba kgosi e a ema, e ya dula kgorong ya motse. Bahlabani bohle ba tsebiswa, ha thwe: “Kgosi ke eo e dutse kgorong ya motse.” Yaba bahlabani bao ba phuthehela kapele ho kgosi. E mong le e mong wa Baiseraele o ne a ile a balehela lapeng la hae.


Ba re ho yena: “Haeba o ka ba mosa ho setjhaba sena, mme wa se kgahlisa, wa bua le sona hantle, e tla ba bahlanka ba hao kamehla yohle.”


Mmolai o tsoha ha mafube a hlaha, a bolaye mofumanehi, a bolaye le mofutsana; athe bosiu teng o fetoha leshodu hantle.


Mohwe wa Moshe a bona tsohle tseo Moshe a neng a di etsetsa setjhaba, mme a re: “Keng ee, eo o e etsetsang setjhaba? Ke ka baka lang ha o ahlola o le mong, mme setjhaba sohle se eme kapele ho wena ho tloha hoseng, ho fihlela mantsiboya?”


Ha ba ena le dinyewe, ba tla ho nna, mme ke ahlolele motho le ngoanabo, ke ba rute ditaelo tsa Modimo le melao ya hae.”


Ba ahlolela batho ka dinako tsohle. Dinyewe tse boima ba di isa ho Moshe, empa dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlola ka bobona.


Ha ba sa etse bokgopo ha ba robale, ba fadimehiswa ke takatso ya ho bolaya.


“Kgosi ya Siria e tla hlahlangwa ke monna ya kgopo, ya sa lokelang ho ba kgosi. Monna eo o tla tla a sa lebellwa, a ikgapele mmuso ka bolotsana.


E sa le kameso, baprista le baholo bohle ba setjhaba ba rera ho bolaya Jesu.


“Haeba taba e ahlolwang e o imela, e ka ba taba ya polao, kapa ya tsekisano, kapa ya ho ntshana dikotsi, kapa taba efe le efe ya ho se utlwane kahara metse ya lona, o tsamaye, o ye sebakeng seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha.


Boase a ya kgorong ya motse, a dula teng. Mong ka yena, eo Boase a ileng a bua ka yena, a fihla. Boase a re ho yena: “He monna, ako fapohele le kwano, o dule mona pela ka.” Eo a tla, a dula fatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos