Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 15:1 - BIBELE

1 Kamora mona, Abosalome a iketsetsa kariki ya ntwa, a batla le dipere, le banna ba mashome a mahlano ba tla mo etella pele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Kamora tseo, Absalome a ipatlela koloi le dipere, le batho ba mashome a mahlano ba mathang ba mo eteletse pele.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 15:1
11 Referencias Cruzadas  

“Morena o bua tjena: ‘Bona, ke tla o hlahisetsa bobe kahare ho ntlo ya hao. Ke tla nka basadi ba hao moo o ntseng o bona, ke ba nee ya ahisaneng le wena, mme eo o tla robala le bona letsatsi le tjhabile.


kgosi ya re ho bona: “Tsamayang le bahlanka ba monga lona, le qhanehele mora wa ka, Solomone, mmeile wa ka, le theohele le yena Gihone.


Adoniya, mora wa Hagite, a ipoledisa, a re: “Ho tla rena nna!” A iphumanela dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba palamang, le banna ba ditaaso ba mashome a mahlano, ba mo etellang pele.


Jwale ke a tseba hore Morena o nea tlholo, o e nea Motlotsuwa wa hae, o mo arabela a le sehalalelong, a le sehalalelong sa hae sa lehodimo. O mo arabela ka ketso tse pholosang, ketso tsa letsoho la hae le letona.


Boikakaso bo etella dihlong pele, boikokobetso bona bo tsamaya le bohlale.


Boikakaso bo etella timelo pele, boikgohomoso bo etelle ho wa, pele.


Ya ratang diphapang o rata sebe, ya ikgohomosang o ipitsetsa timelo.


Feela kgosi eo e se ke ya ba le dipere tse ngata, esere ya etsa hore setjhaba se kgutlele Egepeta ho ya reka dipere, hobane Morena o itse ho lona: ‘Le ke ke la hlola le kgutlela ka tsela ena.’


A re ho sona: “Ona e tla ba mokgwa oo kgosi e tla le busa ka wona: Kgosi e tla nka bara ba lona, e ba kgethele ho ba bahlabani ba yona ba dikariki tsa ntwa le ba dipere, mme ba tla matha kapele ho dikariki tsa yona tsa ntwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos