La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Samuele 8:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

ba re ho yena: O ka bona, o se o hodile, mme bara ba hao ha ba tsamaye ka mehlala ya hao; jwale, re beele morena, a tle a re ahlolele, jwalokaha ho etswa ditjhabeng tsohle.

Ver Capítulo

BIBELE

Ba re ho yena: “Bona, o tsofetse, mme bara ba hao ha ba latele mehlala ya hao. Jwale he, re kgethele kgosi e tla re busa jwaloka ditjhaba tsohle.”

Ver Capítulo



1 Samuele 8:5
12 Referencias Cruzadas  

Ke a mmona, ke le qhoweng ya mafika; ke a mmoha ke le hlorong ya dithaba; bonang, ke setjhaba se ahang se nnotshi, se sa balweng le ditjhaba.


Mehleng eo, ba qela morena, mme Modimo wa ba nea Saule, mora Kishe, monna wa leloko la Benjamine, ka dilemo tse mashome a mane.


Batho ba Iseraele ba re ho Gideone: O re buse, e le wena, le mora hao, le setloholo sa hao, etswe o re namoletse matsohong a Bamidiane.


Empa kajeno, le lahlile Modimo wa lona, wona o le lwetseng tsietsing tsa lona tsohle le mahlomoleng a lona wohle, la re ho wona: Tjhe, o re beele morena. Ha ho le jwalo, itlhahiseng jwale pela Jehova ka meloko ya lona le ka dikete tsa lona.


Jwale, ke enwa morena eo le ikgethetseng yena, eo le mo kopileng; bonang, Jehova o le neile morena.


Ha ke re, kajena ke nako ya ho hela dikoro na? Ke tla bitsa ho Jehova, mme o tla dumisa diaduma tsa hae, a nese le pula, le tle le tsebe, mme le bone hobane bo boholo bobe boo le bo entseng pela mahlo a Jehova, kamoo le ikopetseng morena kateng.


Bonang jwale, morena eo ke yena motsamaisi wa lona, hobane nna ke hodile, ke hlooho e putswa, mme bara ba ka ke bao, le na le bona; haele nna, ke nnile ka le tsamaisa ke sa le motjha, ho fihlela tsatsi lena.


Diesele tse o lahlehetseng, kajeno e seng e le la boraro, o se ke wa belaela ka tsona, hobane di se di bonwe; mme tsohle tse lakatsehang tsa Iseraele di boloketswe mang? Ana ha di a bolokelwa wena le ntlo yohle ya ntatao na?