Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 8:5 - BIBELE

5 Ba re ho yena: “Bona, o tsofetse, mme bara ba hao ha ba latele mehlala ya hao. Jwale he, re kgethele kgosi e tla re busa jwaloka ditjhaba tsohle.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 ba re ho yena: O ka bona, o se o hodile, mme bara ba hao ha ba tsamaye ka mehlala ya hao; jwale, re beele morena, a tle a re ahlolele, jwalokaha ho etswa ditjhabeng tsohle.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 8:5
12 Referencias Cruzadas  

E, ka mmona ke le qhoweng e hodima mafika, Ka mmona ke le hodima maralla. Sena ke setjhaba se ahileng se le inotshi, se ke keng sa balellwa hara tjhaba tse ding.


Ho tloha moo ba ikopela ho fuwa kgosi, mme Modimo a ba nea Saule, mora wa Kishe, wa leloko la Benjamine, ya ileng a busa ka dilemo tse mashome a mane.


Jwale banna ba Iseraele ba re ho Gideone: “Re buse, wena le mora wa hao, le setloholo sa hao, hobane o re namoletse matsohong a Bamidiane.”


Empa kajeno lona le furaletse Modimo wa lona, e leng yena ya ileng a le pholosa bomadimabeng bohle ba lona, le matshwenyehong wohle a lona. Le itse ho yena: ‘Tjhe, re kgethele kgosi.’ Ka baka leo, itlhahiseng kapele ho Morena, ka merabe yohle ya lona, le ka malapa abo lona.”


Jwale, ka baka leo, bonang kgosi eo le ikgethetseng yona, eo le ikopetseng yona; Morena o le neile yona.


Na kajeno hase letsatsi la ho hela koro? Ke tla ipiletsa ho Morena, mme o tla romela diaduma le pula. Le tla tseba, le be le bone, hore bokgopo ba lona, boo le bo entseng kapele ho Morena, ka ho ikopela kgosi, bo boholo.”


Jwale kgosi eo e tla le etella pele. Nna k se ke tsofetse, mme moriri wa ka o se o le moputswa. Bara ba ka ba na le lona. Ke ile ka le etella pele ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno.


Ha e le ditonki tse nang le matsatsi a mararo di o lahlehetse, o se ke wa itshwenya ka tsona, hobane di se di fumanwe. Empa ke mang eo Baiseraele ba mo labalabelang haholo? Na hase wena le lelapa lohle la ntatao?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos